Baefese 6:1-24
6 Bana, le mamele batsoali+ ba lōna bonngoeng+ le Morena, kaha sena se lokile:+
2 “Hlompha ntat’ao le ’m ’ao”;+ e leng taelo ea pele e nang le tšepiso:+
3 “E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.”+
4 Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana+ ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa+ ka taeo+ le kelello e laoloang+ ke Jehova.
5 Lōna makhoba, le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama,+ ka tšabo le thothomelo+ ka botšepehi ba lipelo tsa lōna, joalokaha le mamela Kreste,
6 eseng ka tšebeletso ea ha le shebiloe joaloka ba khahlisang batho,+ empa joaloka makhoba a Kreste, le etse thato ea Molimo ka moea oohle.+
7 E-bang makhoba a nang le litšekamelo tse ntle, joaloka ho Jehova,+ eseng ho batho,
8 kaha lea tseba hore molemo ofe kapa ofe oo e mong le e mong a ka o etsang, o tla boela a o amohele ho Jehova,+ ebang ke lekhoba kapa motho ea lokolohileng.+
9 Hape, lōna benghali, le ’ne le etse lintho tse tšoanang ho ’ona, le tlohele ho soka,+ etsoe lea tseba hore Mong’a ’ona hammoho le lōna+ o maholimong, ’me ha a leeme.+
10 Qetellong, le tsoele pele ho fumana matla+ Moreneng le bonatleng+ ba matla a hae.
11 Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa+ tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti+ a Diabolose;
12 hobane ha re loane le nama le mali,+ empa re loana le mebuso,+ le balaoli,+ le babusi ba lefatše+ ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo+ a leng libakeng tsa leholimo.
13 Ka lebaka lena nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,+ e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.+
14 Ka hona, le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe+ ka hohle ka ’nete,+ ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka,+
15 le maoto+ a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.+
16 Ka holim ’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo,+ eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang+ ea ea khopo.
17 Hape, le amohele helmete+ ea poloko, le sabole+ ea moea,+ ke hore, lentsoe la Molimo,+
18 ha ka thapelo+ ea mofuta o mong le o mong le thapeli le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.+ ’Me ho finyella seo le lule le falimehile ka tiisetso eohle le ka thapeli molemong oa bahalaleli bohle,
19 le bakeng sa ka, e le hore nka fuoa bokhoni ba ho bua+ ka ho ahlama ha molomo oa ka, ka ho bua ka bolokolohi+ ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa litaba tse molemo,+
20 tseo ke li sebeletsang ke le lenģosa+ le liketaneng; e le hore nka bua mabapi le tsona ka sebete kamoo ke tšoanelang ho bua.+
21 Joale e le hore le lōna le ka tseba ka litaba tsa ka, mabapi le hore na ke ntse ke e-ea joang, Tykikase,+ mor’abo rōna ea ratoang le mosebeletsi ea tšepahalang Moreneng, o tla le tsebisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
22 Ke mo romela ho lōna ka morero oona ona, e le hore le ka tseba ka lintho tse mabapi le rōna le hore a ka tšelisa lipelo tsa lōna.+
23 E se eka barab’abo rōna ba ka ba le khotso le lerato ka tumelo ho tsoa ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.
24 E se eka mosa o sa tšoanelang+ o ka ba le bohle ba ratang Morena oa rōna Jesu Kreste ka ho se bole.

