Baefese 3:1-21
3 Ka lebaka la sena ’na, Pauluse, motšoaruoa+ oa Kreste Jesu molemong oa lōna, batho ba lichaba+—
2 ka sebele, haeba le utloile ka botsamaisi+ ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa bakeng sa lōna,
3 hore ka tšenolo sephiri se halalelang se ile sa tsebahatsoa ho ’na,+ feela joalokaha ke ile ka ngola pele ka bokhutšoanyane.
4 Ka lebaka la sena, ha le bala sena, le ka hlokomela kutloisiso+ eo ke nang le eona sephiring se halalelang+ sa Kreste.
5 Melokong e meng sephiri+ sena ha sea ka sa tsebahatsoa ho bara ba batho joalokaha hona joale se senotsoe+ ho baapostola ba hae ba halalelang le baprofeta+ ka moea,
6 e leng, hore batho ba lichaba e ne e tla ba majalefa hammoho ’me e be litho hammoho tsa ’mele+ le ba nang le kabelo le rōna tšepisong+ bonngoeng le Kreste Jesu ka litaba tse molemo.
7 Ke bile mosebeletsi+ oa sena ho ea ka mpho e sa lefelloeng ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa ho ea ka tsela eo matla a hae a sebetsang ka eona.+
8 ’Na motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa+ ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang,+ e le hore ke bolelle lichaba+ litaba tse molemo tse mabapi le maruo+ a ke keng a lekanngoa a Kreste
9 le hore ke etse hore batho ba bone kamoo sephiri se halalelang+ se tsamaisoang+ kateng seo ho tloha nakong e sa lekanyetsoang e fetileng se ’nileng sa patoa ho Molimo, ea bōpileng lintho tsohle.+
10 Sena e ne e le hore joale bohlale ba Molimo+ bo fapa-fapaneng haholo bo ka tsebahatsoa ka phutheho+ ho mebuso le balaoli+ libakeng tsa leholimo,
11 ho ea ka morero oa ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa mabapi le Kreste,+ Jesu Morena oa rōna,
12 eo ka eena re buang ka bolokolohi bona le katamelo+ ka kholiseho ka tumelo ea rōna ho eena.
13 Ka lebaka leo ke le kōpa hore le se ke la tela ka lebaka la matšoenyeho+ ana a ka molemong oa lōna, kaha a bolela khanya bakeng sa lōna.
14 Ka lebaka la sena ke khumamela+ Ntate,+
15 eo lelapa+ le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena,+
16 e le hore a ka le neha ho ea ka maruo+ a khanya ea hae hore le matlafatsoe mothong eo le leng eena ka hare+ ka matla ka moea oa hae,+
17 hore Kreste a lule ka tumelo ea lōna lipelong tsa lōna ka lerato;+ e le hore le ka mela ka metso+ le ho tiea motheong,+
18 e le hore le ka khona ho utloisisa ka ho phethahetseng kelellong+ hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ke eng,+
19 le ho tseba lerato la Kreste+ le fetang tsebo, e le hore le ka tlala botlalo+ bohle boo Molimo a fanang ka bona.
20 Joale ho eo, ho ea ka matla a hae a sebetsang+ ho rōna, a ka etsang ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang,+
21 ho eena e be khanya ka phutheho le ka Kreste Jesu ho meloko eohle ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.

