1 Timothea 6:1-21

6  Ba bangata bao e leng makhoba tlas’a joko ba ke ba tsoele pele ho nka beng ba bona ba tšoaneloa ke tlhompho+ e feletseng, e le hore le ka mohla ho se ke ha buuoa hampe+ ka lebitso la Molimo le thuto.  Ho feta moo, ba nang le benghali+ ba lumelang ba se ke ba ba khella tlaase,+ hobane ke barab’abo bona.+ Ho fapana le hoo, ka ho ithatela haholo e be makhoba, hobane ba amohelang molemo oa tšebeletso e molemo ea bona ke balumeli le baratuoa. U ’ne u rute lintho+ tsena le ho fana ka likeletso tsena.  Haeba motho leha e le ofe a ruta thuto+ e ’ngoe ’me a sa lumellane le mantsoe a phelisang hantle,+ a Morena oa rōna Jesu Kreste, kapa thuto e lumellanang le boinehelo ba bomolimo,+  o ikhohomositse ka boikakaso,+ a sa utloisise letho,+ empa a kula kelellong+ ka lebaka la litsekisano le ho pheha khang ka mantsoe.+ Linthong tsena ho hlaha mohono,+ ho qabana, lipuo tse nyefolang,+ lipelaello tse khopo,  liphehisano tse mabifi ka mafeela tse etsoang ke batho ba bolileng kelellong+ le ba tlatlapuoeng ’nete,+ ba nahanang hore boinehelo ba bomolimo ke mokhoa oa ho rua.+  Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua+ ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo+ hammoho le ho khotsofala.+  Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho.+  Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.+  Leha ho le joalo, ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong+ le lerabeng le litakatsong+ tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.+ 10  Etsoe lerato+ la chelete ke motso+ oa mefuta eohle ea lintho tse mpe,+ ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko+ bo boholo. 11  Leha ho le joalo, uena, motho oa Molimo, u balehele lintho+ tsena. Empa u phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.+ 12  Loana ntoa e ntle ea tumelo,+ u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa eaba u etsa boipolelo bo botle ba+ phatlalatsa ka pel’a lipaki tse ngata. 13  Mahlong a Molimo, ea bolokang lintho tsohle li phela, le a Kreste Jesu, eo joaloka paki+ a ileng a etsa boipolelo+ bo botle ba phatlalatsa ka pel’a Ponse Pilato,+ ke u fa litaelo+ 14  hore u boloke taelo ena ka tsela e se nang letheba le e sa nyatseheng ho fihlela ponahalong+ ea Morena oa rōna Jesu Kreste. 15  Ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo+ o tla bontša ponahalo ena linakong+ tsa eona tse behiloeng, eena Morena+ oa ba busang e le marena le Khosi+ ea ba busang e le likhosi, 16  eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe,+ ea lulang leseling+ le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.+ Ho eena e be tlhompho+ le bonatla bo sa feleng. Amen. 17  Fana ka litaelo ho ba ruileng+ tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa,+ le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong+ a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele;+ 18  hore ba sebetse se molemo,+ hore ba rue mesebetsing+ e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana,+ 19  ba ipolokele+ ka mokhoa o sireletsehileng motheo+ o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo+ ba sebele. 20  Uena Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao,+ u furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang “tsebo.”+ 21  Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.+ E se eka mosa o sa tšoanelang o ka ba le lōna.

Linaletsana