1 Timothea 3:1-16
3 Polelo eo ea tšepahala.+
Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli,+ o lakatsa mosebetsi o motle.
2 Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng,+ monna oa mosali a le mong, ea itekanetseng+ mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong,+ ea hlophisehileng,+ ea amohelang baeti,+ ea tšoanelehelang ho ruta,+
3 eseng ea likomang tsa botahoa,+ eseng ea otlang,+ empa ea nang le kahlolo e molemo,+ eseng ea ratang ntoa,+ eseng ea ratang chelete,+
4 motho ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle,+ ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle;+
5 (haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?)
6 eseng motho ea sa tsoa sokoloha,+ esere a ikhohomosa ka boikakaso+ eaba o oela kahlolong eo Diabolose+ a ahlotsoeng ka eona.
7 Ho feta moo, hape o lokela ho ba le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle,+ e le hore a se ke a oela nyelisong le lerabeng+ la Diabolose.
8 Bahlanka ba sebeletsang+ ka ho tšoanang ba lokela ho nka lintho ka botebo, ba se ke ba ba teme-peli, ba se ke ba inehella veine e ngata, ba se ke ba ba meharo ea leruo la ho se tšepahale,+
9 e be ba tšoereng sephiri se halalelang+ sa tumelo ka letsoalo+ le hloekileng.
10 Hape, ba ke ba lekoe+ pele mabapi le ho tšoaneleha, ba ntan’o sebeletsa e le basebeletsi, ha ho se seo ba qosoang+ ka sona.
11 Ka ho tšoanang basali ba lokela ho nka lintho ka botebo, e se ke ea e-ba ba etselletsang,+ e be ba itekanetseng+ mekhoeng, ba tšepahalang linthong tsohle.+
12 Bahlanka ba sebeletsang e ke e be banna ba nang le mosali a le mong,+ ba okamelang bana le ba matlo+ a bona ka mokhoa o motle.
13 Etsoe banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle ba iphumanela boemo+ bo botle le ho bua ka bolokolohi bo boholo+ tumelong mabapi le Kreste Jesu.
14 Ke u ngolla lintho tsena, le hoja ke e-na le tšepo ea ho tla ho uena haufinyane,+
15 empa haeba nka lieha, e le hore u ka tseba kamoo u tšoanelang ho itšoara kateng ka tlung+ ea Molimo, eo e leng phutheho ea Molimo ea phelang, tšiea le setšehetso+ sa ’nete.
16 Ka sebele, sephiri se halalelang+ sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo: ‘O ile a bonahatsoa nameng,+ ha boleloa hore o lokile moeeng,+ a bonahala ho mangeloi,+ a boleloa har’a lichaba,+ a lumeloa lefatšeng,+ a amoheloa holimo khanyeng.’+

