Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka itokisetsa ho phela lefatsheng le letjha hona jwale

Lefatshe le Letjha la Paradeise le Haufi

Lefatshe le Letjha la Paradeise le Haufi

Modimo o entse lefatshe e le hore batho ba lokileng ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ya 37:​29) Modimo o ile a beha banyalani ba pele e leng Adama le Eva tshimong e ntle ya Edene mme a fa bona le bana ba bona boikarabelo ba ho e lema le ho e hlokomela.​—Genese 1:​28; 2:15.

Kajeno lefatshe ha se Paradeise ebile ha le ka tsela eo Modimo a neng a batla hore le be ka yona. Le ha ho le jwalo, Modimo o ntse a batla hore lefatshe e be Paradeise. O tla le etsa Paradeise jwang? Modimo a ke ke a fedisa lefatshe lena jwalo ka ha dihlooho tse fetileng di se di bontshitse. Ho e na le hoo, batho ba tshepahalang ba tla phela ho lona. Bophelo bo tla ba jwang lefatsheng ha Modimo a phethahatsa dintho tseo a di tshepisitseng?

Ho tla busa Mmuso o le mong

Haufinyane ha Mmuso wa Modimo o lehodimong o se o busa batho bohle, batho ba tla thabela ho phela mona lefatsheng mme ba tla phela ha mmoho ba etsa mosebetsi o ba thabisang. Modimo o kgethile Jesu Kreste hore e be yena ya busang lefatshe. Ho fapana le babusi ba bangata kajeno, Jesu o tla dula a hlokomela batho. O tla busa ka lerato mme e tla ba Morena ya mosa, ya mohau le ya sa kgetholleng batho.​—Esaia 11:4.

Batho bohle ba tla phedisana ka kgotso

Batho ba ke ke ba arolwa ka hore na ba tswa naheng efe kapa hore na ke ba morabe ofe empa ba tla phedisana ka kgotso. (Tšenolo 7:​9, 10) Batho ba tla phela lefatsheng ka nako eo ba tla rata Modimo le baahelane ba bona. Ba tla sebetsa ha mmoho ka kgotso ha ba hlokomela lehae la bona e leng lefatshe, jwalo ka ha Modimo a ne a batla.​—Pesaleme ya 115:16.

Maemo a tikoloho a tla ba matle

Ha Mmuso wa Modimo o se o busa lefatsheng, Modimo o tla laola maemo a lehodimo hore a dule a le matle. (Pesaleme ya 24:​1, 2) Ha Jesu a le lefatsheng o ile a re bontsha seo Modimo a kgonang ho se etsa ha a ne a kokobetsa sefefo se matla. (Mareka 4:​39, 41) Ha Kreste a se a busa, ho ke ke ha e ba le lebaka la ho tshaba dikoduwa tsa tlhaho. Mmuso wa Modimo o tla etsa hore batho ba phedisane hantle le diphoofolo mme batho ba ke ke ba hlola ba senya tikoloho.​—Hosea 2:18.

Bophelo bo botle le dijo tse ngata

Batho bohle ba tla phela hantle. Ha ho na motho ya tla kula, ya tla tsofala kapa ya tla shwa. (Esaia 35:​5, 6) Batho ba tla phela tikolohong e ntle e hlwekileng, e tshwanang le eo banyalani ba pele ba neng ba phela ho yona tshimong ya Edene. Lefatsheng le letjha ho tla ba le dimela tse hlahisang dijo jwalo ka tshimong ya Edene mme batho ba tla ba le dijo tse ngata. (Genese 2:9) Batho bohle Paradeiseng ba ‘tla ja bohobe ba bona hore ba kgore’ jwalo ka setjhaba sa Modimo sa Iseraele.​—Levitike 26:​4, 5.

Kgotso le tshireletseho

Ha Mmuso wa Modimo o se o busa, batho bohle ba tla ba le kgotso mme ba ke ke ba kgetholla batho ba bang ebile ba tla ba tshwara ka mosa. Ho ke ke ha e ba le dintwa, batho ba ke ke ba hatella batho ba bang mme bohle ba tla ba le dintho tseo ba di hlokang. Bibele e a re tshepisa e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e ba le ya etsang hore ba thothomele.”​—Mikea 4:​3, 4.

Batho bohle ba tla ba le matlo mme ba thabele mosebetsi oo ba o etsang

Lelapa le leng le le leng le tla ba le ntlo mme le ke ke la tshoha hore le tla lahlehelwa ke yona. Hape re tla thabela mesebetsi eo re e etsang. Bibele e boletse hore batho bohle ba tla phela lefatsheng le letjha “ba ke ke ba sehlela lefeela.”​—Esaia 65:​21-23.

Thuto ya bohlokwa

Bibele e re: “Ka sebele lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova.” (Esaia 11:9) Batho ba tla beng ba phela lefatsheng le letjha ba tla ithuta bohlaleng bo boholo ba Mmopi wa bona Jehova le ka dintho tse ntle tseo a di bopileng. Ba ke ke ba sebedisa tsebo ya bona ho etsa dibetsa kapa ho utlwisa batho ba bang bohloko. (Esaia 2:4) Ho e na le hoo, ba tla ithuta ho phedisana ka kgotso le ho hlokomela lefatshe.​—Pesaleme ya 37:11.

Bophelo bo sa feleng

Modimo o entse bonnete ba hore o bopa lefatshe ka tsela e tla etsa hore re thabele bophelo. O batla hore batho ba phele ka ho sa feleng. (Pesaleme ya 37:​29; Esaia 45:​18) E le hore sena se tle se etsahale, Modimo “o tla metsa [fedisa] lefu ka ho sa feleng.” (Esaia 25:8) Bibele e a tshepisa e re: “Lefu ha le sa tla hlola le e ba teng mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.” (Tšenolo 21:4) Batho bohle bao Modimo a tla ba pholosa ha a fedisa lefatshe lena le kgopo le ba bangata bao a tla ba tsosa lefatsheng le letjha, ba na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.​—Johanne 5:​28, 29; Liketso 24:​15.

Le hona jwale batho ba dimilione lefatsheng lohle ba ntse ba itokisetsa ho phela lefatsheng le letjha. Le hoja ba etsa diphoso, ba leka ka hohle ho phela ka tsela eo Modimo a batlang hore ba phele ka yona e le hore ba tle ba phele lefatsheng la hae le letjha. Ka tsela efe? Ka ho ithuta ka Jehova Modimo le ka eo a mo romileng Jesu Kreste.​—Johanne 17:3.

Ithute hore na o ka etsang hore o pholohe ha lefatshe lena le fediswa e le hore o kgone ho phela lefatsheng le letjha. Kopa ho ithuta Bibele mahala le Dipaki Tsa Jehova di sebedisa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!.