Tshenolo e yang ho Johanne 7:1-17

  • Mangeloi a mane a thibileng meya e senyang (1-3)

  • Ba 144 000 ba tshwauwe (4-8)

  • Bongata bo boholo ba batho ba apereng diaparo tse tshweu (9-17)

7  Ka mora moo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong* tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e hlahang dikgutlong tseo tse nne e le hore ho se ke ha eba le moya o fokang lefatsheng, lewatleng kapa sefateng sefe kapa sefe. 2  Ka bona lengeloi le leng le hlaha ka botjhabela le ena le setempe* se tswang ho Modimo ya phelang. La hweletsa mangeloi a mane a neng a fuwe mosebetsi wa ho senya lefatshe le lewatle 3  la re: “Le se ke la senya lefatshe, lewatle kapa difate pele re tshwaya+ bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng.”+ 4  Ka utlwa hore ho ne ho tshwauwe ba 144 000+ ba tswang malokong ohle a bara ba Iseraele:+ 5  Lelokong la Juda ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Rubene ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Gade ho ne ho tshwauwe ba 12 000. 6  Lelokong la Ashere ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Nefthali ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Manase+ ho ne ho tshwauwe ba 12 000. 7  Lelokong la Simeone ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Levi ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Isakare ho ne ho tshwauwe ba 12 000. 8  Lelokong la Zabulone ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Josefa ho ne ho tshwauwe ba 12 000,lelokong la Benjamine ho ne ho tshwauwe ba 12 000. 9  Ka mora moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ya ka bo balang. E ne e le batho ba ditjhaba tsohle, maloko ohle, merabe yohle le dipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pela terone le Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu+ mme ba tshwere makala a palema.+ 10  Ba ne ba hweletsa ba re: “Re pholositswe ke Modimo wa rona ya dutseng teroneng,+ le Konyana.”+ 11  Mangeloi ohle, dikerubime tse nne le baholo ba ne ba potapotile terone.+ Bohle ba kgumama ka pela terone mme ba rapela Modimo 12  ba re: “Amen! Modimo wa rona ya bohlale, ya nang le matla le bolaodi a ke a hlomphuwe, a roriswe le ho lebohuwa ka ho sa feleng.+ Amen.” 13  E mong wa baholo a re ho nna: “Batho baa ba apereng diaparo tse telele tse tshweu+ ke bomang hona ba tswa hokae?” 14  Ka re ho yena: “Morenaka, ke wena ya tsebang.” A re ho nna: “Bana ke ba pholohileng mahlomola a maholo,+ ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele mme ba di sweufaditse mading a Konyana.+ 15  Ke ka lebaka leo ba leng ka pela terone ya Modimo, ba mo sebeletsa bosiu le motshehare ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng+ o tla ba sireletsa.*+ 16  Ba ke ke ba hlola ba lapa, ba nyorwa kapa ba tjheswa ke letsatsi+ 17  hobane Konyana+ e pela terone e tla ba disa,+ e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo.+ Modimo o tla ba hlakola meokgo.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “dikhoneng.”
^ Ka Segerike: “o tla ala tente ya hae hodima bona.”