Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

Dula o Tshepahala!

Dula o Tshepahala!

“Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!”​—JOBO 27:5.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Dipaki Tsa Jehova tse tharo tse boletsweng serapeng sena, di ile tsa emela nnete jwang?

A KO nahane ka Dipaki Tsa Jehova tse tharo maemong ana a latelang: (1) Ka tsatsi le leng ha ngwanana e mong a le sekolong, titjhere e ile ya re ba tshehetse mokete o neng o tlo etswa wa letsatsi la phomolo. Ka ha ngwanana enwa o ne a tseba hore letsatsi lena ha le thabise Modimo, ka boikokobetso o ile a hana ho joena. (2) Ka le leng moshanyana e mong ya dihlong o ne a le tshimong. Yare ha a ntse a ya ka ntlo le ntlo, a hlokomela hore moithutimmoho le yena ya ratang ho gwara Dipaki Tsa Jehova, o dula ntlong e latelang eo ba neng ba lokela ho kena ho yona. Empa ha a a ka a tshoswa ke seo. Ho ntse ho le jwalo, o ile a fihla a kokota hona habo ngwaneo. (3) Ka tsatsi le leng boso ya morabo rona e mong ya neng a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae, e ile ya re a etse ntho e neng e se molaong. Le hoja morabo rona a ne a ka lahlehelwa ke mosebetsi wa hae, o ile a hlalosetsa boso ya hae hore o lokela ho tshepahala le ho mamela molao, hobane Modimo o batla hore bahlanka ba hae ba tshepahale.—Bar. 13:1-4; Baheb. 13:18.

2. Re tlo tshohla dipotso dife, hona hobaneng?

2 Keng se ikgethang ka batho bana ba boletsweng ka hodimo? Re hlokomela dintho tse ngata ka bona, hore ke batho ba sebete le hore ba emela nnete. Empa ntho e ikgethang haholo ka bona, ke hore ba a tshepahala. Kaofela ha bona ba bontsha hore ba tshepahalla Jehova. Ho bonahala hore hape ba ne ba ikemiseditse ho mamela melao ya hae. Botshepehi ke bona bo ba thusitseng ho sebetsa ditaba jwalo. Ntle ho pelaelo Jehova o motlotlo ka bona hobane ba ile ba mo tshepahalla. Le rona ka ho tshwanang re batla hore Ntate wa rona ya lehodimong a ikotle sefuba ka rona. Jwale a re ke re tshohleng dipotso tsena tse latelang: Botshepehi keng? Ke hobaneng ha re lokela ho tshepahala? Hona re ka etsang e le hore re ikemisetse ho dula re tshepahala esita le tlasa maemo a thata?

BOTSHEPEHI KE ENG?

3. (a) Bahlanka ba Modimo ba bontsha botshepehi jwang? (b) Ke mehlala efe e ka re thusang hore re utlwisise hore na ha e le hantle botshepehi bo bolelang?

3 Bahlanka ba Modimo ba bontsha botshepehi jwang? Ka hore ba mo rate ka pelo yohle mme ba inehele ho yena ka ho felletseng. Hape ba ka etsa sena ka hore ba nahane ka thato ya hae pele ba etsa diqeto. Ela hloko ka moo lentswe lena botshepehi le sebedisitsweng ka teng ka Bibeleng. Bibele e hlalosa “botshepehi” e le ntho e felletseng le e phetseng hantle. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba fa Jehova diphoofolo e le mahlabelo, Molao o ne o re e lokela ho ba tse phetseng hantle. * (Lev. 22:21, 22) Ba ne ba sa lokela ho fana ka phoofolo e neng e se na leoto, tsebe, leihlo kapa e neng e kula. Jehova o ne a batla hore phoofolo eo e be e felletseng le e phetseng hantle. (Mal. 1:6-9) Jwale re a hlokomela hore na ke hobaneng ha Jehova a batla hore re be batho ba tshepahalang. Etswe le rona ha re ilo reka ntho e itseng, e bang ke tholwana, buka kapa thulusi e itseng, ha re batle e nang le masobasoba kapa e nang le ntho e shotang. Re batla e felletseng le e ntseng e le hantle. Ka ho tshwanang, Jehova o batla hore re mo rate re be re mo tshepahalle ka ho felletseng.

4. (a) Ke hobaneng ha ho ka kgoneha hore motho ya sa phethahalang a tshepahale? (b) Ho latela Pesaleme ya 103:12-14, Jehova o lebelletse hore re etseng?

4 Feela na re lokela hore re be re phethahale e le hore re tshepahale? Ke nnete hore ka nako tse ding re ye re utlwe eka re na le mefokolo e mengata. Ela hloko mabaka a mabedi a bontshang hore ho tshepahala, ha ho bolele hore motho o lokela a be a phethahale. Lebaka la pele, Jehova ha a dulellana le ho sheba mefokolo ya rona. Etswe lentswe la hae le re: “Haeba o ne o tadima diphoso, Jah, Jehova, ke mang ya neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Jehova o tseba hantle hore ha re a phethahala, re baetsadibe mme o re tshwarela ka bolokolohi. (Pes. 86:5) Lebaka la bobedi, Jehova o a tseba hore re na le meedi, ka hoo ha a a lebella hore re etse se ka nqane ho matla a rona. (Bala Pesaleme ya 103:12-14.) Le ha ho le jwalo, ke jwang re ka kgonang ho mo tshepahalla?

5. Lerato le thusa bahlanka ba Jehova jwang hore ba mo tshepahalle?

5 Lerato le ka thusa bahlanka ba Jehova hore ba mo tshepahalle. Ka ha Modimo ke Ntate wa rona ya lehodimong, re lokela ho mo rata ka pelo yohle le ho mo fa boinehelo bo kgethehileng. Jwale, haeba lerato leo re ratang Jehova ka lona le sa fetohe esita le ha re le tlasa diteko, re tla be re bontsha hore re a mo tshepahalla. (1 Likron. 28:9; Mat. 22:37) Na o sa hopola Dipaki Tsa Jehova tse tharo tseo re buileng ka tsona qalong? Ebe ke hobaneng ha di ile tsa sebetsa ditaba ka tsela eo? Na seo ngwanana elwa a ileng a se etsa, se ne se bontsha hore ha a batle ho ithabisa le baithutimmoho le yena, kapa na moshanyana elwa o ne a batla ho iphethola ditsheho ho moithutimmoho le yena, kapa na ebe ntate yane wa lelapa, o ne a batla ho lahlehelwa ke mosebetsi wa hae? Tjhe, ha ho jwalo. Empa ba ne ba ikemiseditse ho mamela melao e lokileng ya Ntate wa bona ya lehodimong. Lerato leo ba ratang Jehova ka lona, le ile la ba susumelletsa hore ba mo nahane pele ba etsa diqeto. Jwale ka tsela ena, ba ne ba bontsha hore ke batho ba tshepahalang.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO TSHEPAHALA?

6. (a) Ke hobaneng ha o lokela ho tshepahala? (b) Adama le Eva ba ile ba hloleha jwang ho bontsha botshepehi?

6 Ke hobaneng ha kaofela ha rona re lokela ho tshepahala? Ho hlokahala hore o tshepahale hobane Satane o qositse Jehova mme le wena o a o qosa. Hopola hore lengeloi lena la lerabele le ile la iphetola Satane kapa Mohanyetsi, kwana tshimong ya Edene. O ile a neta lebitso la Jehova seretseng, ka hore a re o kgopo, o itjhebile boyena le hore ke Mmusi ya sa tshepahaleng. Ka bomadimabe, Adama le Eva ba ile ba joena Satane mme ba fetohela Jehova. (Gen. 3:1-6) Bophelo Edene, bo ne bo ba file menyetla e mengata ya hore ba matlafatse lerato leo ba neng ba rata Jehova ka lona. Empa ho ile ha bonahala hore lerato la bona le ne le sa fella ha Satane a ne a ba leka. Sena se ile sa phahamisa potso e nngwe ya bohlokwa: Na ho tla ke ho be le batho lefatsheng mona ba tshepahallang Jehova hobane ba mo rata? Ka mantswe a mang, na ho ka etsahala hore batho ba kgone ho tshepahala? Ke sona seo Satane a ileng a se belaella ka Jobo.

7. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Jobo 1:8-11, Jehova o ile a ikutlwa jwang ka botshepehi ba Jobo, hona Satane yena o ile a reng?

7 Jobo o phetse mehleng ya ha Baiseraele ba ne ba le Egepeta. Ho ne ho so ka ho ba le motho ya tshepahalang jwalo ka yena mehleng eo. Empa hopola hore jwalo ka rona, o ne a sa phethahala. Le yena o ne a etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a mo rata ka lebaka la botshepehi ba hae. Ho bonahala eka Satane o ne a se a ntse a belaelletse botshepehi ba motho ho Jehova. Ka hoo, Jehova o ile a mo dumella hore a leke Jobo. Jobo o ile a dula a tshepahala mme a paka hore Satane ke raleshano. Ho ntse ho le jwalo, Satane o ne a ntse a belaella botshepehi ba Jobo. Empa ka ha Jehova o ne a tshepa motswalle enwa wa hae e leng Jobo, o ile a dumella Satane hore a mo leke.—Bala Jobo 1:8-11.

8. Satane o ile a hlasela Jobo jwang?

8 Satane o pelo e mpe ebile ke mmolai. O ile a nka dintho tsa Jobo, a bolaya bahlanka ba hae, a ba a mo senya le lebitso. A fihla a kena ka lapeng la hae, a bolaya bana ba hae ba leshome. A qetella ka ho henahena Jobo ka ho mo otla ka mathopa a bohloko, ho tloha hloohong ho ya leotong. Mosadi wa Jobo o ne a tsielehile, a sa tsebe hore na a nkeng a e kopanye leng, hoo a ileng a ba a mo kgothalletsa hore a rohake Modimo mme a shwe. Le hoja Jobo a ile a fihla boemong ba hore a ikopele ho shwa, o ile a dula a tshepahala. Yaba Satane o leka leqheka le leng hape. A sebedisa metswalle e meraro ya Jobo. Metswalle ena ya hae e ile ya mo etela ka matsatsitsatsi empa ya se ke ya mo tshedisa le ho mo tshedisa. Ho e na le hoo, ya mo nyahamisa ka dipuopuo tse mo nyotobetsang. Ya ba ya re Modimo ke yena ya mo bakelang mathata, le hore ha a na taba le botshepehinyana boo ba hae. E ile ya ba ya re e tlameha ebe ho na le seo Jobo a se entseng hore ebe o hlahelwa ke dintho tse bohloko hakana.—Jobo 1:13-22; 2:7-11; 15:4, 5; 22:3-6; 25:4-6.

9. Keng seo Jobo a ileng a hana ho se etsa ho sa tsotellehe mathata ao a ileng a tobana le ona?

9 Jobo o ile a sebetsa ditaba jwang maemong ana a hlobaetsang? Hopola hore o ne a sa phethahala. O ile a kgalemela metswalle ena ya hae ka matla, a ba a bua seo ha morao a ileng a ikwahlaela sona. O ile a beha Modimo molato. (Jobo 6:3; 13:4, 5; 32:2; 34:5) Le ha ho le jwalo, o ile a hana ho fetohela Modimo esita le maemong a jwalo. A ba a hana le ho dumela mashano a metswalle ena ya hae ya bohata. O ile a re: “Ke ho sa utlwahaleng hore ke bolele hore le lokile! Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!” (Jobo 27:5) Mantswe ana a Jobo ke a bohlokwa. Jobo ha a a ka a tela mme le rona re ka mo etsisa.

10. O ameha jwang qosong eo Satane a ileng a e phahamisa ka Jobo?

10 O ameha jwang qosong eo Satane a ileng a e phahamisa ka Jobo? Ha e le hantle, Satane o re ha se hore o sebeletsa Modimo hobane o mo rata. O re ha ho ka hlaha boemo bo amang lefu le bophelo, o ka mo fetohela e le hore fela o phele. Ha e le hantle o re botshepehi ba hao ke ba boikaketsi. (Jobo 2:4, 5; Tšen. 12:10) Taba ee e etsa hore o ikutlwe jwang? E o utlwisa bohloko, kapa jwang? Le ha ho le jwalo, nahana ka sena: Jehova o a o tshepa mme o o file monyetla wa ho bontsha hore o a tshepahala. O dumelletse Satane hore a leke botshepehi ba hao. Lebaka ke hore o kgodisehile hore o tla tshepahala mme o bontshe hore Satane ke raleshano. Ebile o o tshepisa hore o tla o thusa. (Baheb. 13:6) Ka sebele, ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tshepuwa ke Mmopi wa dintho tsohle. Na o a elellwa hore na ke hobaneng ha botshepehi e le ba bohlokwa hakaale? Bo re thusa hore re hane mashano a Satane mme re halaletse lebitso la Ntate wa rona. Bo boetse hape bo re thusa ho phela ka melaomotheo ya hae e lokileng. Ebe re ka dula re tshepahalla Jehova jwang?

RE KA DULA RE TSHEPAHALA JWANG KAJENO?

11. Re ka ithutang ho Jobo?

11 Satane o lomme o ka tlase, o ikemiseditse ho leka botshepehi ba rona matsatsing ana a ho qetela. (2 Tim. 3:1) Jwale, re lokela ho etsang e le hore re dule re tshepahala le tlasa maemo a boima tjee? Re ka ithuta ho hongata ho Jobo. Nako e telele pele a lekwa, o ne a se a ntse a ipakile hore o a tshepahala. Jwale ela hloko mehlala e meraro eo re ka ithutang yona, e bontshang hore le rona re ka dula re tshepahala.

Keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re dule re tshepahala? (Sheba serapa sa 12) *

12. (a) Jwalo ka ha ho boletswe ho Jobo 26:7, 8, 14, Jobo o ile a thuswa keng hore a hlomphe Jehova? (b) Hona rona re ka etsang hore re hlomphe Jehova?

12 Jobo o ile a bontsha hore o rata Jehova ka hore a mo hlomphe. O ile a qeta nako a nahanisisa ka popo e tsotehang ya Jehova. (Bala Jobo 26:7, 8, 14.) O ile a hlollwa ha a nahana ka lefatshe, sepakapaka, maru le diaduma. A hlokomela hore tsena ke dinyane feela. O ile a boela a kgothatswa ke mantswe a Jehova, hoo a ileng a ba a re: “Ke bolokile dipolelo tsa molomo wa hae.” (Jobo 23:12) Ka mantswe a mang, o ile a susumetswa ke ho tshaba le ho hlompha Jehova. O ne a rata Ntate wa hae mme a batla ho mo thabisa. Sena se ile sa mo thusa hore a ikemisetse ho tshepahalla Jehova le ho feta. Le rona re lokela ho mo etsisa. Ebile rona re tseba ho hongata ka popo ho feta batho ba mehleng ya hae. Ho feta moo, re boetse re na le Bibele e felletseng, e re thusang ho tseba hore na ha e le hantle Jehova ke mang. Dintho tsohle tseo re ithutang tsona Bibeleng, di re thusa hore re hlomphe Modimo. Qetellong, sena se tla etsa hore re mo rate le ho mo mamela mme re ikemisetse le ho feta hore re dule re mo tshepahalla.—Jobo 28:28.

Re ka dula re tshepahala haeba re sa shebelle pornography (Sheba serapa sa 13) *

13-14. (a) Jwalo ka ha ho bontshitswe lengolong la Jobo 31:1, Jobo o ile a bontsha jwang hore o a mamela? (b) Hona re ka mo etsisa jwang?

13 Jobo o ne a ikemiseditse ho tshepahala ka hore a mamele. O ne a tseba hore ho tshepahala ho itshetlehile ka hore a mamele. Ke ka hona re ka reng ketso e nngwe le e nngwe ya ho mamela, e re thusa hore re dule re tshepahala. Jobo o ile a sebetsa ka thata ho mamela Modimo letsatsi le letsatsi. Nka ka mohlala, o ne a le kelohloko ha a sebedisana le batho ba bong bo fapaneng le ba hae. (Bala Jobo 31:1.) Ka ha o ne a nyetse, o ne a tseba hore ha a a lokela ho ba le maikutlo a lerato ho mosadi eo e seng wa hae. Kajeno, re phela lefatsheng le hlanyetsang thobalano. Na le rona jwalo ka Jobo, re tla etsa bonnete ba hore ha re be le maikutlo a lerato ho batho bao e seng balekane ba rona? Na re tla qoba ho shebella pornography kapa ditshwantsho le ha e le dife tsa boitshwaro bo hlephileng? (Mat. 5:28) Ha re na le boitshwaro, seo se tla re thusa hore re dule re tshepahala.

Re ba le pono e nepahetseng ka maruo. (See paragraph 14) *

14 Jobo o ile a mamela Jehova ha ho tluuwa tabeng ya maruo. O ile a elellwa hore ha a ka beha tshepo maruong a hae, o ne a tla be a etsa sebe se hlokang kotlo. (Jobo 31:24, 25, 28) Ho thweng kajeno? Re phela lefatsheng leo ho lona batho ba inahanetseng ka maruo feela. Jwale haeba re mamela melaomotheo ya Bibele, re tla ba le pono e nepahetseng ka tjhelete le maruo mme re tla ikemisetsa ho dula re tshepahala.—Liprov. 30:8, 9; Mat. 6:19-21.

Re bile re kgomarela tshepo ya rona ka bokamoso (Sheba serapa sa 15) *

15. (a) Ke moputso ofe oo Jobo a neng a o letetse o ileng wa mo thusa hore a dule a tshepahala? (b) Ke hobaneng ha ho tsepamisa maikutlo moputsong ho ka re thusa hore re dule re tshepahala?

15 Jobo o ile a tshepahalla Modimo ka ho tsepamisa maikutlo moputsong. O ne a tseba hore Modimo o nkella botshepehi ba hae hloohong. (Jobo 31:6) O ne a bile a kgodisehile hore ho sa tsotellehe mathata a hae, Jehova o ne a tla mo putsa qetellong. Kgodiseho eo a neng a na le yona e ile ya mo thusa ho kgomarela botshepehi ba hae. Jehova o ile a kgahlwa ke botshepehi ba Jobo hoo a ileng a ba a mo hlohonolofatsa le hoja e ne e ntse e le motho ya sa phethahalang jwalo. (Jobo 42:12-17; Jak. 5:11) Nakong e tlang, Jobo o tla fumana ditlhohonolofatso tse fetang tseo a ileng a di fumana. Na o na le tshepo e tiileng ya hore Jehova o tla putsa botshepehi ba hao? Modimo wa rona ha a so fetohe. (Mal. 3:6) Haeba re dula re hopola hore o ananela botshepehi ba rona, re tla ba le tshepo ya bokamoso bo kganyang.—1 Bathes. 5:8, 9.

16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

16 Le ka mohla o se ke wa nyahama mme wa tlohella ho tshepahala. Ke nnete hore ka nako tse ding o ka nna wa ikutlwa eka ke wena feela ya tshepahalang. Empa tseba hore hase wena feela. Ha o dula o tshepahala, o tla ba hara batho ba dimilione ba tshepahalang lefatsheng lohle. O tla be o ballwe hara banna le basadi ba ileng ba bontsha tumelo mme ba tshepahala ho isa lefung. (Baheb. 11:36-38; 12:1) E se eka kaofela ha rona re ka etsisa Jobo mme ra bua mantswe ana: “Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!” Mme e se eka botshepehi ba rona bo ka tlotlisa Jehova ka ho sa feleng.

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

^ par. 5 Botshepehi keng? Ke hobaneng ha Jehova a batla hore bahlanka ba hae ba tshepahale? Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore e mong le e mong wa rona a tshepahale? Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo Bibele e arabang dipotso tsena ka teng. Re tla boela re ithute hore na keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re dule re tshepahala letsatsi le letsatsi. Ha re etsa jwalo, re tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata.

^ par. 3 Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “e phetseng hantle” le sebediswang ha ho buuwa ka phoofolo, le tsamaisana le lentswe le fetoletsweng e le “botshepehi” le sebediswang ha ho buuwa ka batho.

^ par. 50 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Re bona Jobo a ruta bana ba bang ba hae ka popo e hlollang ya Jehova.

^ par. 52 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o hana ho joena basebetsimmoho le yena ba batlang ho shebella pornography.

^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: O hlola le teko ya ho batla ho reka tv e kgolo, e turang eo a tsebang hantle hore ha a e hloke ebile ha a na tjhelete ya ho e reka.

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: O boetse o ipha nako ya ho nahanisisa ka tshepo eo a nang le yona ka Paradeise.