Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Haeba re kgetha ho phela ka tsela eo re e batlang re ipapisitse ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang feela, re ke ke ra kgodiseha hore re tla phela bophelo bo molemo. Bibele e a re hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re ke ke ra atleha empa e boetse e re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng e le hore re ka dula re thabile.

RE HLOKA MODIMO HORE A RE TATAISE

Ka Bibeleng, Jehova a Modimo o bontshitse hore batho ba hloka thuso ya hae, ba ke ke ba kgona ho etsa letho ka ntle ho yena. (Jeremia 10:23) Ke ka hoo a faneng ka melao e re tataisang e hlahang ka Bibeleng. Modimo o a re rata mme ha a batle hore re etse diqeto tse tla re utlwisa bohloko le ho etsa hore bophelo ba rona bo be thata. (Deuteronoma 5:29; 1 Johanne 4:8) Jwalo ka Mmopi wa rona, o re fa bohlale le tsebo tse tla re thusa ho phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa. (Pesaleme ya 100:3; 104:24) Le ha ho le jwalo, Modimo ha a qobelle batho ho phela ka melao ya hae.

Jehova o ile a fa Adama le Eva dintho tsohle tseo ba neng ba di hloka e le hore ba thabe e le ka nnete. (Genese 1:​28, 29; 2:​8, 15) O ne a boetse a ba file ditaelo tse bonolo tseo a neng a lebeletse hore ba di phethe. Le ha ho le jwalo, o ne a ba dumeletse hore ba ikgethele hore na ba tla latela ditaelo tseo kapa tjhe. (Genese 2:​9, 16, 17) Ka maswabi, Adama le Eva ba ile ba kgetha ho phela ka tsela eo ba e batlang ho ena le ho phela ka tsela eo Modimo a e batlang. (Genese 3:6) Na qeto ya bona e ile ya ba tswela molemo? Na batho ba a thaba ha ba phela ka tsela eo ba nahanang hore e nepahetse? Tjhe, ho theosa le dilemo re bone hore ho se phele ka melao ya Modimo ha ho tlisetse batho thabo le kgotso.—Moeklesia 8:9.

Bibele e re thusa ho etsa diqeto tse molemo ho sa tsotellehe hore na re tswa hokae. (2 Timothea 3:​16, 17; sheba lebokose le reng “ Buka ya Batho Bohle.”) Bibele e re thusa jwang?

Ithute hore na ke hobaneng ha Bibele e bitswa “lentswe la Modimo.”—1 Bathesalonika 2:13. Shebella video e nang le sehlooho se reng Mongodi wa Bibele ke Mang? websaeteng ya jw.org/st-za.

BIBELE E RE BOLELLA SEO MODIMO A BATLANG HORE RE SE ETSE

Bibele e re bolella ka moo Jehova a nnileng a sebedisana le batho ka teng ho tloha qalong. E re thusa ho utlwisisa hore na ke dintho dife tseo Modimo a di nkang di nepahetse kapa di fosahetse le tseo a di nkang di le molemo kapa di le kotsi. (Pesaleme ya 19:​7, 11) Melaomotheo eo re ithutang yona Bibeleng ha e fellwe ke nako hape e re thusa ho etsa diqeto tse tla re tswela molemo bophelong.

Ka mohlala, hlokomela molaomotheo oo re o fumanang lengolong la Diproverbia 13:20: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa empa ya sebedisanang le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.” Molaomotheo ona haesale o sebetsa ho tloha kgale mme o ntse o le molemo le kajeno. Bibele e na le melaomotheo ya bohlokwa e tshwanang le ona e ka re thusang.—Sheba lebokose le reng “ Dikeletso Tsa Bibele di Ntse di Sebetsa le Kajeno.

Mohlomong o ka ipotsa, ‘Nka kgodiseha jwang hore dikeletso tsa Bibele di ka nthusa?’ Sehloohong se latelang, re tla bona mehlala ya batho ba ileng ba sebedisa dikeletso tsa Bibele.

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.