Diproverbia 13:1-25
13 Mora ya bohlale o mamela tayo ya ntate wa hae+Empa moikgohomosi ha a mamele ha a kgalemelwa.+
2 Motho o tla fumana molemo ka lebaka la dipuo tsa hae tse ntle*+Empa ba bolotsana ba lakatsa ntwa.
3 Ya lebelang molomo wa hae* o sireletsa bophelo ba hae*+Empa ya buang feela a sa nahane o tla timela.+
4 Motho ya botswa o lakatsa feela empa ha a na letho.+
Ha e le ya kgothetseng yena o tla kgora.*+
5 Ya lokileng o hloile leshano+Empa diketso tsa ba kgopo di baka mahlabisadihlong ebile di a swabisa.
6 Ho loka ho sireletsa motho ya se nang molato+Empa bokgopo bo diha moetsadibe.
7 Ho na le ya etsang eka ke morui empa a se na letho.+
Ho na le e mong ya etsang eka ke mofutsana empa a ena le maruo a mangata.
8 Morui o patala ka maruo a hae hore a pholose bophelo ba hae+Empa bafutsana ha ba tshoswe le ho tshoswa.*+
9 Lesedi la ba lokileng le kganya haholo*+Empa lebone la ba kgopo le tla tingwa.+
10 Ho iketelletsa pele ho baka ntwa feela+Empa ba bohlale ke ba batlang keletso.*+
11 Maruo a fumanwang kapele* a tla fela+Empa maruo a bokellwang hanyane ka hanyane* a tla eketseha.
12 Ha ntho eo motho a e lebeletseng* e dieha ho phethahala, e kudisa pelo+Empa ha seo a se lakatsang se phethahala, ke sefate sa bophelo.+
13 Mang kapa mang ya nyonyang molao* o tla kgola ditholwana tse bosula+Empa ya hlomphang taelo o tla putswa.+
14 Thuto e* tswang ho motho ya bohlale ke mohlodi wa bophelo,+E qobisa motho maraba a lefu.
15 Motho ya nang le temoho o ratwa ke bathoEmpa ba bolotsana ba phela ka thata.
16 Motho ya bohlale o etsa dintho ka tsebo+Empa sethoto se pepesa bothoto ba sona.+
17 Moromuwa ya kgopo o kena mathateng+Empa moromuwa ya tshepahalang o tlisa pheko.+
18 Ya sa mameleng ha a kgalemelwa o tla futsaneha le ho tlotlollehaEmpa ya mamelang ha a kgalemelwa o tla fumana tlotla.+
19 Motho o a thaba ha ntho eo a e lakatsang e etsahala,+Ba se nang kelello ha ba batle ho furalla bobe.+
20 Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa+Empa ya sebedisanang le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.+
21 Tlokotsi e latella baetsadibe+Empa ba lokileng ba putswa ke katleho.+
22 Motho ya lokileng o siela ditloholo tsa hae lefaEmpa leruo la moetsadibe le tla bolokelwa ya lokileng.+
23 Masimo a lenngweng a bafutsana a beha dijo tse ngataEmpa ba se nang toka ba ka nka masimo ao.*
24 Ya sa sebediseng thupa* o hloile ngwana wa hae+Empa ya mo ratang o a mo kgalemela.*+
25 Ya lokileng o a ja mme a kgore+Empa ba kgopo ba tla lapa.*+
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “ditholwana tsa molomo wa hae.”
^ Kapa: “seo a se buang.”
^ Kapa: “moya wa hae.”
^ Ka Seheberu: “o tla nona.”
^ Ka Seheberu: “ha ba a ka ba utlwa kgalemelo e matla.”
^ Ka Seheberu: “le a thaba.”
^ Kapa: “ba rerisanang ha mmoho.”
^ Kapa: “ka bolotsana.”
^ Ka Seheberu: “maruo a ya bokellang ka letsoho.”
^ Kapa: “a tshepileng hore e tla etsahala.”
^ Kapa: “lentswe.”
^ Kapa: “Molao o.”
^ Kapa: “ba ka ba nka.”
^ Kapa: “Ya sa kgalemeleng; Ya sa shapeng.”
^ Kapa mohlomong: “hanghang.”
^ Kapa: “dimpa tsa ba kgopo di tla lapa.”

