Sesotho (South Africa)
“Le Silafaditse Sehalalelo sa Ka”—Borapedi ba Nnete bo Silafaditswe
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102017182/univ/art/1102017182_univ_sqr_xl.jpg
rr maq. 50-51

KAROLO YA BOBEDI

“Le Silafaditse Sehalalelo sa Ka”—Borapedi ba Nnete bo Silafaditswe

“Le Silafaditse Sehalalelo sa Ka”—Borapedi ba Nnete bo Silafaditswe

EZEKIELE 5:11

NTLHAKGOLO: Baiseraele ba silafatsa borapedi ba nnete ebile ba itshwara hampe

Jehova o ne a rata Baiseraele ebile a ba hlokomela jwalo ka ‘letlotlo la hae la bohlokwa.’ (Ex. 19:5; nal.) Empa bona ba ile ba mo swetsa ka hore ba rapele medimo ya bohata ka tempeleng eo ho tsejwang hantle hore ke ya Jehova. Ba ile ba mo utlwisa bohloko le ho mo tlotlolla. Ke hobaneng ha Baiseraele ba ile ba etsa dintho tse nyonyehang hakaale? Boprofeta ba Ezekiele bo re rutang ka ho fediswa ha Jerusalema? Hape re ka ithutang tseleng eo ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele di neng di ba tshwere ka yona?

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 5

‘Bona Dintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba di Etsang’

Ezekiele o bona dintho tse nyarosang tse bontshang ka moo setjhaba se neng se se se lahlile Modimo ka teng.

KGAOLO YA 6

“Ke Nako ya Hore le Fediswe”

Ditshwantshiso tsa boprofeta tsa Ezekiele di ne di bontsha ka moo Jehova a halefetseng Jerusalema ka teng.

KGAOLO YA 7

Ditjhaba di “Tla Tseba Hore ke Nna Jehova”

Ditjhaba tse sentseng lebitso la Modimo le ho hlorisa kapa ho bodisa batho ba Modimo di tla kgola ditholwana tsa mesebetsi ya tsona jwang kapa jwang. Re ka ithutang tseleng eo ditjhaba tse ding di ileng tsa tshwara Baiseraele ka yona?