Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
Buka ya Ezekiele ena le boprofeta bo bongata bo buang ka hore na borapedi ba nnete bo tsosolositswe jwang. Boprofeta boo bo re ama jwang?
Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
E se eka buka ena e ka o thusa hore o rapele Jehova ka tsela e mo tshwanetseng.
Tlhaloso ya Dintho Tse Ikgethang
Mabokose le dilemo tse hlahang bukeng ena di na le dintlha tse tla o thusa ha o ntse o ithuta.
KGAOLO YA 1
“Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”
Taba ya hore ebe Satane o qadile borabele Edene e ne e bontsha hore o kgahlanong le puso ya Jehova le hore o hlasela borapedi ba nnete.
KGAOLO YA 2
“Modimo o Ile a Amohela” Dimpho Tsa Bona
Banna ba nang le tumelo ba a bontsha hore borapedi boo Modimo a bo amohelang bo lokela ho ba le dintlha tse nne tsa bohlokwa.
KAROLO YA 1
“Mahodimo a Buleha”
KGAOLO YA 3
“Ke Bona Dipono Tse Tswang ho Modimo”
Pono ya pele ya Ezekiele e mo siya a ahlame. Pono eo e bohlokwa haholo ho bahlanka ba Modimo mehleng ena.
KGAOLO YA 4
‘Mangeloi a Nang le Difahleho Tse Nne’ ke Bomang?
Jehova o ile a bontsha Ezekiele dipono le ditoro tse re thusang ho utlwisisa dintho tseo re neng re ke ke ra kgona ho di utlwisisa.
KGAOLO YA 5
‘Bona Dintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba di Etsang’
Ezekiele o bona dintho tse nyarosang tse bontshang ka moo setjhaba se neng se se se lahlile Modimo ka teng.
KGAOLO YA 6
“Ke Nako ya Hore le Fediswe”
Ditshwantshiso tsa boprofeta tsa Ezekiele di ne di bontsha ka moo Jehova a halefetseng Jerusalema ka teng.
KGAOLO YA 7
Ditjhaba di “Tla Tseba Hore ke Nna Jehova”
Ditjhaba tse sentseng lebitso la Modimo le ho hlorisa kapa ho bodisa batho ba Modimo di tla kgola ditholwana tsa mesebetsi ya tsona jwang kapa jwang. Re ka ithutang tseleng eo ditjhaba tse ding di ileng tsa tshwara Baiseraele ka yona?
KGAOLO YA 8
“Ke Tla di fa Modisa a le Mong”
Modimo o susumelletsa Ezekiele hore a tlalehe dintho tse nne tse profetilweng ka Mesia, e leng Mmusi le Modisa wa batho ba Jehova ya tla tsosolosa borapedi ba nnete ka ho sa feleng.
KGAOLO YA 9
“Ke Tla ba Momahanya”
Na boprofeta bo neng bo ya ho Baiseraele ba tshepahalang ba botlamuweng bo a re ama mehleng ee?
KGAOLO YA 10
“Le Tla Boela le Phele”
Ezekiele o bona pono ya thota e tletseng masapo a omeletseng ebe masapo ao a a phediswa. Pono ee e bolelang?
KGAOLO YA 11
“Ke o Kgethile Hore o be Molebedi”
Mosebetsi wa molebedi enwa ke ofe? O lokela ho lemosa batho ka eng?
KGAOLO YA 12
“Ke Tla ba Etsa Setjhaba se le Seng”
Jehova o tshepisa hore o tla momahanya batho ba hae.
KGAOLO YA 14
“Ona ke Molao wa Tempele”
Ke dithuto dife tseo Bajuda ba mehleng ya Ezekiele ba ileng ba ithuta tsona tempeleng ya Ezekiele e hlahang ponong? Ke eng seo re ithutang sona ho yona?
KGAOLO YA 15
“Ke Tla Fedisa Botekatse ba Hao”
Re ithutang tseleng eo matekatse a hlahang ho Ezekiele le ho Tshenolo a hlaloswang ka yona?
KGAOLO YA 16
“O Tshwaye Diphatla”
Mehleng ena re ka ithuta dintho tse ngata tseleng eo batho ba neng ba tshwauwa ka yona mehleng ya Ezekiele.
KGAOLO YA 18
“Ke Tla Halefa Haholo”
Gogo o tla halefisa Jehova ka hore a hlasele batho ba hae mme seo se tla etsa hore Modimo a ba sireletse.
KGAOLO YA 19
‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’
Ke hobaneng ha re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka e phallang ho tswa tempeleng bo ile ba phethahala, bo a phethahala ebile bo tlo phethahala nakong e tlang?
KGAOLO YA 20
“Arola Naha e le Lefa”
Ponong Modimo o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuweng hore ho arolelwe maloko a Iseraele Naha e Tshepisitsweng.
KGAOLO YA 21
“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”
Re ithutang ponong eo Ezekiele a e boneng e buang ka motse le hore lebitso la wona le bolelang?
KGAOLO YA 22
“Rapela Modimo”
Morero wa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho rapela Jehova Modimo feela.
Kakaretso ya Dithuto Tse Ntlafaditsweng
Ke hobaneng ha tsela eo re utlwisisang boprofeta bo bong bo hlahang bukeng ya Ezekiele e fetohile?
LEBOKOSE LA 1A
Borapedi ke Eng?
Borapedi bo ka hlaloswa jwang? Buka ya Ezekiele e hlalosa borapedi jwang? Ho hlokahala eng bakeng sa borapedi ba nnete?
LEBOKOSE LA 2A
Utlwisisa Boprofeta ba Ezekiele
Buka ena e na le dipono, mehlala, dipapiso le ditshwantshiso. Boholo ba tsona e ne e le melaetsa e tswang ho Modimo bakeng sa dintho tse neng di tla etsahala.
LEBOKOSE LA 2B
Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng
Ho ne ho ntse ho ena le baprofeta ba bang mehleng ya Ezekiele. O phetse nakong eo setjhaba sa habo se neng se etsahallwa ke dintho tsa bohlokwa.
LEBOKOSE LA 3A
Tsela e Telele e Yang Babilona
Ho ka etsahala hore ebe Baiseraele ba isitsweng botlamuweng Babilona ba tsamaile ka tsela efe?
LEBOKOSE LA 4A
Ke ne ke “Shebile Mangeloi”
Ho na le phapang efe dipakeng tsa mangeloi a mane ao Ezekiele a a boneng ponong le diemahale tse neng di fumaneha Asiria le Babilona ya mehleng ya kgale?
LEBOKOSE LA 5A
“Mora Motho, na o Bona See?”
Ezekiele o bona dintho tse nyonyehang tse etswang ka tempeleng le ka lebaleng la tempele.
LEBOKOSE LA 6A
“O Beole Hlooho Mme o Kute Ditedu Tsa Hao”
Ezekiele o laelwa ke Modimo hore a tshwantshise boprofeta bo bontshang dintho tse neng di tla etsahalla Jerusalema.
LEBOKOSE LA 7A
Ditjhaba Tse Potolohileng Jerusalema
Dintwa tse ngata di ile tsa kupa naheng ya Juda le dinaheng tse e potolohileng.
LEBOKOSE LA 7B
Dipolelwana Tse Sebedisitsweng Haholo Bukeng ya Ezekiele
Ho na le dipolelwana tse hlahang ka makgetlo a mangata bukeng ena ya boprofeta ba Ezekiele.
LEBOKOSE LA 8A
Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare
Boprofeta bo lengolong la Ezekiele kgaolo 17 bo bolelang?
LEBOKOSE LA 8B
Dintho Tse Tharo Tse Profetilweng ka Mesia
Ezekiele o profeta hore re ka tshepa mmusi wa batho ba Modimo ya tla busa kamoso.
LEBOKOSE LA 9A
Jehova o Phethahatsa Ditshepiso Tsa Hae—Mehleng ya Kgale
Modimo o susumetsa Ezekiele hore a bolele ditshepiso tse hlano tse buang ka ho lokollwa le ho tsosolosa borapedi ba nnete.
LEBOKOSE LA 9B
Hobaneng re re 1919?
Ke hobaneng ha re re batho ba Modimo ba ile ba lokollwa Babilona e Moholo ka 1919?
LEBOKOSE LA 9C
Jehova o Phethahatsa Ditshepiso Tsa Hae—Mehleng Ena
Ditshepiso tse ding tsa Modimo di phethahetse habedi jwang?
LEBOKOSE LA 9D
Boprofeta ba ho Iswa Botlamuweng le ho Tsosolosa Borapedi ba Nnete
Boprofeta bo buang ka ho iswa ha Baiseraele botlamuweng Babilona le ha ba kgutlisetswa habo bona bo ile ba phethahala ka tsela e kgolwanyane ha phutheho ya Bokreste e ba botlamuweng Babilona e Moholo mme ha morao e lokollwa.
LEBOKOSE LA 9E
‘Nako ya Hore ho Ntjhafatswe Dintho Tsohle’
Moapostola Petrose o ile a profeta ka nako e neng e tla qala ha Kreste e eba Morena ebe e tswela pele ho fihlela ha dilemo tse sekete di fela.
LEBOKOSE LA 10A
Borapedi ba Nnete bo Tsosolositswe Mohato ka Mohato
Ke dintho dife tse etsahetseng tse re nolofalletsang ho etsa mosebetsi wa ho bolela mehleng ee?
LEBOKOSE LA 10B
Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Dipaki Tse Pedi’ bo Amana Jwang?
Boprofeta boo bo phethahetse jwang mehleng ee?
LEBOKOSE LA 10C
Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape
Ka dinako tse ding re ka utlwa re nyahame empa re kgothatswa ke pono ya masapo a omeletseng a ileng a phela.
LEBOKOSE LA 11A
Balebedi ba Behileng Mohlala o Motle
Ba ile ba hanyetswa empa ba dula ba tshepahala mme ba nna ba lemosa batho le ho ba bolella ditaba tse monate.
LEBOKOSE LA 12A
Dithupa Tse Pedi di a Kopanngwa
Dithupa tsee di ne di emela bomang mehleng ya Baiseraele le mehleng ya kajeno?
LEBOKOSE LA 13A
Ditempele Tse sa Tshwaneng Tse re Rutang Dintho Tse sa Tshwaneng
Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e fapane jwang le eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa?
LEBOKOSE LA 14A
Re Ithutang Ponong ya Ezekiele ya Tempele?
Ke dintho dife tseo o ka ratang ho di sebedisa ha o ntse o sebeletsa Modimo tseo o ithutileng tsona ponong ya Ezekiele ya tempele?
LEBOKOSE LA 15A
Matekatse ao e Leng Bana ba Motho
Tsela eo Jehova a hlalosang Ohola le Oholiba e bontsha ka moo a ikutlwang ka teng ka batho ba senyang lebitso la hae le halalelang le ba sa mo rapeleng ka tsela eo a e amohelang.
LEBOKOSE LA 16A
Na Bodumedi ba Bohata bo Tshwantshetsa Jerusalema?
Ke hobaneng ha re se re utlwisisa dintho ka tsela e fapaneng?
LEBOKOSE LA 16B
Ho Tshwenyeha le ho Utlwa Bohloko, ho Tshwauwa le ho Lwana ho Tla Etsahala Neng Hona Jwang?
Pono e tlalehilweng ho Ezekiele kgaolo ya 9 e ka re thusa hore re se ke ra tshoha ha lefatshe lena le fediswa.
LEBOKOSE LA 18A
Jehova o Lemosa Batho ka Ntwa e Kgolo e Tlang
Bibele e bua ka ntwa e kgolo eo ho yona Modimo a tlo fedisa batho bohle ba mo hanyetsang.
LEBOKOSE LA 19A
Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova
Bangodi ba bangata ba Bibele ba sebedisitse papiso e tshwanang ha ba bua ka ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova.
LEBOKOSE LA 19B
Nokana e ba Noka e Kgolo!
Nokana e phallang ho tswa ntlong ya Modimo e tshwantshetsang?
LEBOKOSE LA 20A
Naha e a Arolwa
Pono ya Ezekiele ya ho arola naha e ile ya kgothatsa Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona mme le rona kajeno e a re kgothatsa.
LEBOKOSE LA 21A
“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”
Naha eo Modimo a neng a e behelletse ka thoko e ne e ena le dikarolo dife tse hlano? Ho ne ho etswang dikarolong tseo?
LEBOKOSE LA 22A
Teko ya ho Qetela
Batho ba tla dula ba tshepahala ba tla fumana ditlhohonolofatso dife?

