KAROLO YA BONE
“Ke Tla Etsa ka Hohle ho Lwanela Lebitso la ka le Halalelang”—Modimo o Sireletsa Borapedi ba Nnete
ZEKIELE 39:25
NTLHAKGOLO: Jehova o sireletsa batho ba hae nakong ya mahlomola a maholo
Jehova o a re rata, le ha ho le jwalo o tla re ahlola ho ya ka dintho tseo re di etsang. Modimo o ikutlwa jwang ka batho ba reng ba a mo rapela empa tsela eo ba itshwereng ka yona e bontsha hore ha ba mo tshepahalle? O tlo kgetha batho ba tla pholoha mahlomola a maholo jwang? Ke hobaneng ha Jehova e leng Modimo ya lerato a tla ahlola batho ba bangata ba kgopo?
KAROLONG ENA
KGAOLO YA 15
“Ke Tla Fedisa Botekatse ba Hao”
Re ithutang tseleng eo matekatse a hlahang ho Ezekiele le ho Tshenolo a hlaloswang ka yona?
KGAOLO YA 16
“O Tshwaye Diphatla”
Mehleng ena re ka ithuta dintho tse ngata tseleng eo batho ba neng ba tshwauwa ka yona mehleng ya Ezekiele.
KGAOLO YA 18
“Ke Tla Halefa Haholo”
Gogo o tla halefisa Jehova ka hore a hlasele batho ba hae mme seo se tla etsa hore Modimo a ba sireletse.

