KAROLO YA PELE
“Mahodimo a Buleha”
NTLHAKGOLO: Re tlo ithuta ka sebaka seo Jehova a dulang ho sona
Ha ho na motho ya ka bonang Jehova Modimo ya matla ohle mme a phela. (Ex. 33:20) Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a bontsha Ezekiele pono e hlalosang karolo e lehodimong ya mokgatlo wa hae. Pono eo e re siya re hloletswe ebile e etsa hore re ananele tlotla ya hore re rapela Modimo a le mong feela wa nnete.
KAROLONG ENA
KGAOLO YA 3
“Ke Bona Dipono Tse Tswang ho Modimo”
Pono ya pele ya Ezekiele e mo siya a ahlame. Pono eo e bohlokwa haholo ho bahlanka ba Modimo mehleng ena.
KGAOLO YA 4
‘Mangeloi a Nang le Difahleho Tse Nne’ ke Bomang?
Jehova o ile a bontsha Ezekiele dipono le ditoro tse re thusang ho utlwisisa dintho tseo re neng re ke ke ra kgona ho di utlwisisa.

