Troy Harrison/Moment via Getty Images
NA E ENTSOE?
Bokhoni ba Beaver ba ho Haha
Ho fumanoe matamo a li-beaver a bophara ba limithara tse 850 le botebo ba limithara tse 5.3. Li-beaver li khona joang ho haha matamo a maholo hakaale?
Li-beaver li qala ka ho rema lifate tseo hangata li leng botenya ba lisenthimithara tse ka tlase ho 30. Li hloma makala a maholo tlas’a metsi ho etsa lipalo tse emeng ebe li lohella lifate tse nyenyane makaleng ao. Li-beaver li tsitsisa lipalo tsena ka ho beha majoe a maholo kapa lifate holim’a tsona. Holimo moo metsi a hlahang le teng, li koala likarolo tse bulehileng tsa letamo ka lithupa, litlamatlama le seretse. Li boetse li kenya lipalo tse tšehetsang ka lehlakoreng leo metsi a theohelang ho lona e le hore letamo le se ke la senngoa ke metsi a tlang ka sekhahla. Ho feta moo, li etsa liforo mahlakoreng ka bobeli a letamo ho bulela metsi ha a le mangata ’me li atolosa liforo tseo nakong ea lipula tse matla.
Setšoantšo sa letamo le entsoeng ke beaver se bontšang (1) lipalo tse emeng, (2) lifate tse nyenyane tse lohelletsoeng lipalong, (3) lipalo tse tšehetsang, (4) majoe a tsitsisang letamo, le (5) lithupa le litlamatlama tse kopantsoeng le seretse
Bafuputsi ba fumane hore mosebetsi oo li-beaver li o etsang oa ho haha matamo, o tsoela tikoloho eo li leng ho eona molemo. Ka mohlala, matamo a li-beaver a etsa hore mobu o se ke oa tsamaea le metsi, a etsa hore metsi a hloeke ’me a eketsa metsi a ka tlas’a lefatše. Ho feta moo, melapo e neng e tloaetse ho psha ka hlabula e qala ho phalla selemo ho pota. Matamo ana a boetse a fokotsa likhohola ka ho etsa hore ho be le libaka tse monyang metsi ha pula e na haholo. Libaka tsena li ka boela tsa thibela mollo hore o se ke oa nama. Leha mollo o ka tuka haufi le tsona, li lula li le tala. Libaka tsena tse mongobo li boetse li hohela liphoofolo tse ngata.
Phuputsong e ’ngoe, bafuputsi ba ile ba hlokomela hore matamo a li-beaver a tšoana le mehaho e entsoeng ke lienjiniere. Ha e le hantle, bafuputsi ba hahile matamo a mangata a tšoanang le a li-beaver Amerika Leboea. Ke kahoo hangata li-beaver li bitsoang lienjiniere tsa tikoloho.
Shebella beaver ha e ntse e sebetsa
U nahana joang? Na bokhoni ba li-beaver ba ho haha bo bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa na bo entsoe?

