LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Nka Rapella Eng?

Sesotho (Lesotho)
Nka Rapella Eng?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502012525/univ/art/502012525_univ_sqr_xl.jpg
ijwbq sehlooho 27

Nka Rapella Eng?

Nka Rapella Eng?

Karabo ea Bibele

 U ka rapella ntho leha e le efe e lumellanang le melao ea Molimo joalokaha e boletsoe ka Bibeleng. “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea [Molimo], oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Na u ka rapella lintho tse u tšoenyang? E, Bibele e re: “Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a [Molimo].”—Pesaleme ea 62:8.

Mehlala ea lintho tseo u ka li rapellang

  •   Ho ba le tumelo ho Molimo.—Luka 17:5.

  •   Moea o halalelang, kapa matla a sebetsang a Molimo, e le hore a u thuse ho etsa lintho tse nepahetseng.—Luka 11:13.

  •   Matla a ho tobana le mathata le ho hanela teko.—Bafilipi 4:13.

  •   Ho khaotsa ho tšoenyeha kapa ho ba le khutso.—Bafilipi 4:6, 7.

  •   Bohlale ba ho etsa liqeto tse molemo.—Jakobo 1:5.

  •   Ho thusoa ka lintho tseo u li hlokang letsatsi ka leng.—Matheu 6:11.

  •   Ho tšoareloa libe.—Matheu 6:12.