Fetela boitsebisong

Mosebetsi oa Kaho o Tsoela Pele Wallkill le Warwick

Mosebetsi oa Kaho o Tsoela Pele Wallkill le Warwick

Liprojeke tse peli tsa kaho tsa Lipaki Tsa Jehova United States, li tsoela pele ka lebaka la baithaopi ba sebetsang ka thata ba tsoang likarolong tse ling tsa naha eo.

Wallkill, New York: Mohahong ona ho lula Lipaki tse fetang 1 600, ’me ho hatisoa lingoliloeng tseo Lipaki Tsa Jehova, United States, li li sebelisang. E le ho atolosa sebaka Wallkill, basebetsi ba kaho—bao boholo ba bona e leng baithaopi—ba haha mohaho oa liofisi o mekato e meraro, moo ho pakoang likoloi le mohaho oa bolulo o mekato e meraro. Ka 2012, baithaopi bao ba ne ba se ba qetile mohaho oo ho oona ho sebetsoang ka mechine le ho eketsa sebaka sa ho jela hore se nke batho ba bang ba 200.

Linaheng tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li na le litsi tsa tsamaiso tse tsejoang ka hore ke liofisi tsa makala, ho akarelletsa Brazil, Jeremane le Mexico. United States, mehaho ea Lipaki Tsa Jehova e akarelletsa e setsing sa thuto sa Lipaki Tsa Jehova se Patterson, New York le ea liofisi tse Brooklyn, New York. Ha mosebetsi ona oa ho atolosa Wallkill o fela, seo se tla etsa hore e be oona mohaho o moholo ka ho fetisisa o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara.

Warwick, New York: Mona ke moo mohaho o mocha oa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova o tla ba teng. Setšeng sena ho tlositsoe mehaho ea khale e neng e sa sebelisoe. Lipaki li fuoe setša sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 10 Tuxedo, New York, moo li tla beha mechine le thepa ea ho haha teng. Ba boholong sebakeng seo, ba amohetse tlaleho ea kamoo mohaho oo o tla ama tikoloho kateng. Hang ha polane e amohetsoe, ho tla kōptjoa tumello ea ho haha. Hajoale, ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e tla tsoela pele e le Brooklyn, New York.