Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha li Ithuta Sebengali?

Ke Hobane’ng ha li Ithuta Sebengali?

Lipaki Tsa Jehova tse 23 tsa motseng oa Queens, New York, li sa tsoa ithuta ho bua le ho bala Sebengali, e leng puo e buuoang Bangladesh le likarolong tse ling tsa India. Li ne li le tlelaseng e reretsoeng ho ruta batho puo ka potlako ’me li rutoa ke Lipaki tse ling.

Tlelase ea Sebengali e ne e le e ’ngoe ea litlelase tse ngata tse rutang batho lipuo, United States le linaheng tse ling. Sepheo sa ba eang litlelaseng tseo ke ho ithuta e le hore ba tsebe ho bolella batho ba lipuo tse ling molaetsa oa Bibele.

Magaly ea neng a ithuta Sebengali tlelaseng eo, o re: “Batho ba buang Sebengali ba eketseha ka potlako sebakeng sena sa rōna. Batho ba batla ho tseba likarabo lipotsong tsa bohlokoa tse kang, Ke hobane’ng ha mahlomola a atile hakaale? Ha ke bolella batho ka lintho tse babatsehang tseo Molimo a tšepisang ho li etsa nakong e tlang, ba batla ho tseba ka ho eketsehileng. Empa hangata re sitisoa ke puo.”

Barupeli ba sebelisa litsela tse natefisetsang liithuti, e le hore li ithute ka potlako. Har’a tse ling, ba sebelisa boitšisinyo ba ’mele e le ho thusa liithuti hore li hopole seo li ithutileng sona.

Nako le nako ha tlelase e tsoa, liithuti li sebelisa seo li ithutileng sona, li etela batho ba buang Sebengali sebakeng sa habo tsona ’me li buisana le bona ka Bibele. Magaly o re: “Batho ba thabela seo ’me ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke ithuta puo ea bona. Taba ea hore ebe ke iphile nako ea ho ithuta eona e ba thusa hore ba bone hore molaetsa oa rōna ke oa bohlokoa.”

Lipaki Tsa Jehova li ithuta lipuo tse ling li bile li koetlisetsoa ho ruta tse ling lipuo tseo. Tšimong e lekaleng la United States feela, ho tšoeroe litlelase tse ka bang 38 ’me ha koetlisoa barupeli ba 2 244, pakeng tsa January 2006 le January 2012. Ho tloha ka la 1 September, 2012, Lipaki Tsa Jehova tse tšimong ea lekala la United States li se li tšoere litlelase tse fetang 1 500 ka lipuo tse 37.