Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA  147

Re Tšepisitsoe Bophelo bo sa Feleng

Re Tšepisitsoe Bophelo bo sa Feleng

(Pesaleme ea 37:29)

  1. 1. ’Mopi o re tšepisitse

    Bophelo bo sa feleng.

    ‘Ba bonolo ba tla phela,’

    Ba rue lefatše.

    (K’HORASE)

    Phelo bo sa feleng

    Re ka bo fumana.

    Molimo oa rona

    Oa tšepahala.

  2. 2. Paradeise e tla ba teng

    ’Me re tla phethahala.

    Re tla phela re thabile,

    Re tataisoa ke Jah.

    (K’HORASE)

    Phelo bo sa feleng

    Re ka bo fumana.

    Molimo oa rona

    Oa tšepahala.

  3. 3. Nakong eo bafu ba tsosoang,

    Masoabi a tla fela.

    Jehova o tla felisa

    Tsohle tse bohloko.

    (K’HORASE)

    Phelo bo sa feleng

    Re ka bo fumana.

    Molimo oa rona

    Oa tšepahala.