MOLULA-QHOOA April 2013 | Re ka Fumana Bophelo bo Nang le Morero

ʼMōpi oa rōna o batla hore re fumane bophelo bo hlileng bo nang le morero. Ke eng e ka re thusa hore re etse joalo?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Ruri re ka Fumana Bophelo bo Nang le Morero?

Haholo-holo ha re talimane le litsietsi kapa mahlomola, re hloka ho tseba e le kannete hore na re ka fumana bophelo bo nang le morero.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bophelo ba Jesu—Bo re Bontša Kamoo re ka Phelang Bophelo bo Nang le Morero Kateng

“Nahana ka lintho tse ’nè bophelong ba Jesu tse entseng hore bophelo ba hae bo be le morero.”

SEHLOOHO SE KA NTLE

Jesu o re Bontša Hore na re ka Phela Bophelo bo Nang le Morero Joang

Mehlala ea sebele e re bontša hore ho sebelisa mantsoe a Jesu a Thuto ea hae ea Thabeng ho ka re thusa hore re phele bophelo bo nang le morero.

BIBELE E FETOLA BOPHELO

“Ke ne ke le Motho ea Sehlōhō”

Esa o ne a tseba hore bophelo ba hae ha bo na morero le hoja a ne a atlehile ’minong. Ak’u fumane hore na sebini sena sa ’mino o morethetho o boima oa rock se ile sa fumana thabo ea ’nete joang.

Re u lome tsebe?

Ke hobane’ng ha Ninive ea boholo-holo e ne e bitsoa “motse oa tšollo ea mali”? Ke hobane’ng ha Bajuda ba boholo-holo ba ne ba haha mahora ho pota-pota marulelo a matlo a bona?

ATAMELA HO MOLIMO

“Le ’ne le Kōpe, ’me le Tla Fuoa”

Hlahloba lipapiso tse peli tsa Jesu tse ho Luka khaolo ea 11 tse hlalosang kamoo u ka kholisehang hore Molimo o utloa lithapelo tsa hao.

ETSISA TUMELO EA BONA

“O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”

Re ka ithuta eng ho Noe, ho mosali oa hae le ho ba lelapa la hae?

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Jehova Molimo o batla hore u tsebe ʼnete. O tla u thusa hore u utloisise Mangolo.

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Lenaneo la ho Ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova

Ha u ithuta bukana ena ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! u ka sebelisa Bibele e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona. U ka mema ba lelapa le metsoalle.