Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Hammoho le le Lelapa

Ho ba Hammoho le le Lelapa

“Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—PESALEME EA 133:1.

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba keteka Keresemese?

Kaha Baiseraele e ne e le litloholo tsa motho a le mong, e leng Jakobo, kapa Iseraele, e ne e le “bara ba motho,” litho tsa lelapa le le leng. Ha ba ne ba bokana meketeng Jerusalema, ho ne ho le “hotle” ’me ho ‘khahlisa.’ Joaloka bona, kajeno malapa a mangata a labalabela ho ba hammoho le ho thabela nako e monate ka Keresemese.

Ke hobane’ng ha seo e le bothata?

Buka e ’ngoe e bitsoang Encyclopedia of Christmas and New Year’s Celebrations, e re: “Hangata likhohlano tse nyenyane tse bang teng har’a selemo li baka lintoa ha lelapa le kopana matsatsing a Keresemese.”

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka re thusang?

‘Le ’ne le lefe puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba lōna.’ (1 Timothea 5:4) Haeba ho khoneha, leka ho etela beng ka uena nako le nako. Haeba beng ka uena ba lula hōle haholo u ntse u ka khona ho buisana le bona kamehla. U ka ba ngolla lengolo, ua ba letsetsa, ua ba romella e-mail kapa la bua ka Inthanete. Ho buisana kamehla ho fokotsa likhohlano.

“Le patisane hoo ho seng sebaka leratong la lōna le mofuthu. . . . Le atolohe.” (2 Bakorinthe 6:12, 13) Ho kopana hanngoe ka selemo ho etsa hore malapa a qetelle a se a sa tsebane ’me sena e ba bothata, haholo-holo ho bana. Bana ba bang ba nka hore ha ba na kamano le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona kapa beng ka bona ba bang. Kahoo khothalletsa bana ba hao hore ba “atolohe” ’me ba bontše lerato le ho beng ka bona ba hōlileng. * Bana ba qetang nako e ngata le batho ba hōlileng ba ba le kutloelo-bohloko haholoanyane ’me ba ananela batho ba baholo.

“Ho bua lentsoe le nepahetseng ka nako e nepahetseng ho thabisa hakaakang.” (Liproverbia 15:23, New Century Version) U ka qoba hore ho se utloisisane le likhohlano li se ke tsa baka mathata a maholo joang? Tsela e ’ngoe ke hore u khethe “nako e nepahetseng” ea ho buisana ka lintho tse u tšoenyang e le kannete. Haeba le buisana kamehla, ho tla ba bonolo ho atamela setho sa lelapa moo le leng bang e le hore le khone ho rarolla mathata leha e le afe ’me le tla thabela linako tse “monate” ha le kopana.

^ ser. 9 Sheba lihlooho tse reng, “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?” le “Nka Atamela Haufi-ufi le Nkhono le Ntate-moholo Joang?” Tsoheng ea May 8 le ea June 8, 2001, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.