Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka Mehlolo?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka Mehlolo?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka Mehlolo?

“Ha e le hantle mehlolo e khahlanong le saense.”—RICHARD DAWKINS, MOPROFESA OA MEHLENG OA SAENSE.

“Ho lumela mehlolo ke ntho e utloahalang ka ho feletseng. Hase ntho eo batho ba bolumeli ba lokelang ho hlajoa ke lihlong ka eona, ke pontšo ea hore Molimo o rata lintho tseo a li bōpileng ebile o tsoela pele ho li laola.”—ROBERT A. LARMER, MOPROFESA OA FILOSOFI.

“NA UA lumela hore mehlolo ea etsahala?” Maikutlo a fapana haholo joalokaha ho bontšitsoe mantsoeng a qotsitsoeng ka holimo. Empa uena u ka araba potso eo joang?

U ka ’na ua utloa ho le thata hore u re, “E, kea lumela.” Mohlomong u nka hore ho lumela mehlolo ho bontša hore u lumela lintho tseo e seng tsa ’nete kapa ha ua ruteha. Batho ba bangata ba nahana joalo.

Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u kholisehile hore ka sebele mehlolo ea etsahala. E ka ’na eaba u lumela hore mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng, e kang ha Moshe a ne a arola Leoatle le Lefubelu, ke ’nete. E ka ’na eaba ebile ua lumela hore mehlolo ea etsahala le mehleng ena ea rōna. Ha e le hantle, tlalehong ea morao tjena ho bontšitsoe hore “batho ba bangata haholo ba lulang karolong e ka Bophirimela ea lefatše—ka mohlala, batho ba ka etsang liphesente tse 75 ba United States le ba ka etsang liphesente tse 38 ba Brithani—ba ntse ba lumela hore mehlolo ea etsahala.” (The Cambridge Companion to Miracles, ea Graham H. Twelftree) Ho feta moo, hase Bakreste feela ba lumelang hore mehlolo ea etsahala. Britannica Encyclopedia of World Religions e bolela hore “hoo e ka bang malumeli ’ohle” a lumela hore mehlolo ea etsahala.

Kapa mohlomong u oela karolong ea ba reng: “Ha ke tsebe ebile ha ke tsotelle! ’Na ha ke e-s’o bone mehlolo e etsahala bophelong ba ka!” Empa ke hobane’ng ha u lokela ho tseba ka mehlolo?

Nahana ka sena: Nka hore u tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Haeba u ne u bala koranta ea litaba tsa bophelo e tšepahalang e buang ka moriana o mocha o ka ’nang oa u phekola, na u ne u ke ke ua ipha leha e le nako e nyenyane feela ea ho batlisisa ka ho eketsehileng ka oona? Ka ho tšoanang, Bibele e tšepisa hore haufinyane ho tla etsahala mehlolo e hlollang. E tla ama motho e mong le e mong lefatšeng mona. Na ho ke ke ha u tsoela molemo hore u iphe nako ea hore u batlisise hore na tšepiso eo ke ’nete?

Leha ho le joalo, pele re ka hlahloba hore na mehlolo eo e tšepisitsoeng ke efe, a re ke re hlahlobe mabaka a mararo ao batho ba tloaetseng ho fana ka ’ona ho hanyetsa hore mehlolo ea etsahala.

[Lebokose le leqepheng la 3]

MEHLOLO KE ENG?

Ke liketsahalo tse phahametseng matla a motho le a tlhaho ’me hangata ho nkoa hore motho ea etsang mehlolo o na le matla a fetang a tlhaho.