Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Bibele e Ruta ka Boraro-bo-bong?

Na Bibele e Ruta ka Boraro-bo-bong?

▪ Le hoja ho e-na le litsela tse ngata tseo thuto ea Boraro-bo-bong e hlalosoang ka tsona, ena ke e ’ngoe ea tsona: “Ho na le Melimo e meraro (Ntate, Mora, Moea o Halalelang), e mong le e mong ho boleloa hore o phela ka ho sa feleng, o matla ’ohle, ha ho e moholo kapa e monyenyane ho ba bang, e mong le e mong ho thoe ke Molimo, ’me leha ho le joalo, ba kopane, ke Molimo a le mong.” Na see ke sona seo Bibele e se rutang?

Hangata ho qotsoa Matheu 28:19 ho tšehetsa thuto ena. Bibeleng ea Sesotho, mantsoe a Jesu a temaneng ena a qotsitsoe tjena: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.” Ke ’nete hore temaneng ena Ntate, Mora le moea o halalelang li boletsoe kaofela. Leha ho le joalo, ha ho boleloe hore ke ntho e le ’ngoe. Jesu o ne a bolella balateli ba hae ba Bajuda hore ba rute batho ’me ba ba kolobetse ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang. Bajuda e le sechaba ba ne ba lumela eng?

Ha sechaba sa Baiseraele se ne se fuoa selekane sa Molao, e leng karolo e ’ngoe ea Bibele, se ile sa laeloa: “Le ka mohla u se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.” (Deuteronoma 5:7) Ho ne ho bua batho ba bakae moo? Ntle le ho re ferekanya, Deuteronoma 6:4 e baleha tjena: “Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong”—eseng batho ba bararo ho a le mong. Baiseraele ba ne ba sa tsoa lokolloa Egepeta, moo Osiris, Isis le Horus (ba bontšitsoeng ka ho le letšehali)—e leng e meng ea melimo e mengata ea boraro-bo-bong—e neng e rapeloa. Ke ka hona Baiseraele ba ileng ba laeloa hore ba rapele Molimo a le mong feela. Ho ne ho le bohlokoa hakae hore batho ba utloisise molao oo? Dr. J. H. Hertz, moruti oa Sejuda, o re: “Taelo ena e hlakileng ea ho rapela Molimo a le mong feela e ne e tla loantšana le litumelo tsohle tsa ho rapela melimo e mengata . . . Shema ha e na boraro-bo-bong, e leng thuto ea motheo ea Bokreste, kaha ho nkoa seo e le ho tlōla molao oa hore Molimo o Mong.” *

Kaha ka tlhaho Jesu e ne e le Mojuda, o ile a laeloa hore a latele molao oona oo. Ha a ne a lekoa ke Diabolose, ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a re: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Matheu 4:10; Deuteronoma 6:13) Re ka ithuta bonyane lintho tse peli tabeng ena. Ea pele, Satane o ne a leka ho qhekella Jesu hore a rapele motho e mong ntle le Jehova, e leng ntho e neng e tla be e hloka kelello haeba Jesu e ne e le karolo ea eena Molimo eo. Ea bobeli, Jesu o ile a hlakisa hore ho na le Molimo a le mong feela ea lokelang ho rapeloa, ha a ne a re “ke eena feela,” eseng “ke rōna,” e leng ntho eo a ka beng a e buile hoja e ne e le karolo ea Boraro-bo-bong.

Ha batho ba fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo ’me ba batla ho mo sebeletsa, ba kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:19) Baa utloisisa ba bile ba amohela bobusi ba Jehova le karolo eo Jesu Kreste a e phethang ea ho phethahatsa litšepiso tsa Jehova. (Pesaleme ea 83:18; Matheu 28:18) Ba boetse ba hlokomela mosebetsi o etsoang ke moea o halalelang oa Molimo, e leng matla a hae a sebetsang.—Genese 1:2; Bagalata 5:22, 23; 2 Petrose 1:21.

Thuto ea Boraro-bo-bong e ’nile ea ferekanya batho ka lilemo tse makholo. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a khantšetsa balateli ba hae leseli a ba a ba tataisetsa ho “Molimo a le mong feela oa ’nete,” Jehova.—Johanne 17:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Taba ea hore ho na le Molimo a le mong feela e hlalosoang ho Shema, e leng thapelo e thehiloeng ho Deuteronoma 6:4, ke ntho e ka sehloohong borapeling bo etsoang synagogeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

Musée du Louvre, Paris