Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etela Lithoteng Tse Sabaletseng Tse Tšoeu Toa!

Ho Etela Lithoteng Tse Sabaletseng Tse Tšoeu Toa!

Lengolo le Tsoang Norway

Ho Etela Lithoteng Tse Sabaletseng Tse Tšoeu Toa!

KE HOSENG ha letsatsi le leng mariha. Re nyarela ka fensetere ho bona hore na boemo ba leholimo bo joang. Re thaba haholo ha re bona hore le sele le bohoeng ba ntja! Re il’o qeta matsatsi a mararo re bolela litaba tse molemo Finnmarksvidda—sehlabeng se seholohali se ka leboea ho Arctic Circle.

Mariha a Norway aa bata, ka hona re batla re tšoenyehile ke hore re ea karolong e ka leboea ea lithota tsena. Empa ntho e thabisang ke hore re tsamaea le Lipaki Tsa Jehova tse tharo tse lulang sebakeng seo. Li tseba maemo ao re ka kopanang le ’ona ka pele ’me li re file malebela.

Litsela li ’maloa haholo mona. Tsela e bonolo ea ho fihla ho batho ba lulang libakeng tse hōle ke ka ho sebelisa likoloi tse tsamaeang lehloeng. Re paka liaparo tsa rōna, lijo le peterole e eketsehileng ka likoloing tsena tsa rōna le seleing. Ka pel’a rōna ho larile thota e sabaletseng eo re sa boneng moo e fellang teng, e tšoeu toa! ke lehloa. Ha letsatsi le chaba lehloa le phatsima joalokaha eka ke litaemane. Ha re e-s’o bone botle bo tjena!

Sebakeng sena sa Finnmarksvidda, ho na le likhama tsa mefuta e sa tšoaneng, liqoabi, mebutlanyana, liphokojoe le mohlape o monyenyane oa libere. Empa ntho eo re e thabelang haholo ke ho ea buisana le batho ba lulang sebakeng sena se hōle. Ka ho khetheha re tatetse ho ea kopana le ba bang ba batho ba Masami, ba iphelisang ka ho lisa mehlape ea likhama kapa ka ho sebetsa matlong a baeti a sehlabeng sena.

Ka ntle ho ntlo ea pele ea baeti eo re fihlang ho eona re kopana le bacha ba ’maloa, ba thellisang lehloeng ba e-na le liithuti-’moho le bona. Baa ema ’me ba buisana le rōna, baa re botsa hore na re ntse re etsa’ng. Ha ho pelaelo hore re thabela ho ba hlalosetsa. Ha re se re tsamaea, e mong oa bona o re: “Molimo a le hlohonolofatse mosebetsing ona oa lōna oa Bibele!” Re khutlela likoloing tsa rōna ’me re tšela matša a maholo a letseng leqhoa le ho haola thoteng e koahetsoeng ke lehloa. Na re tla ke re bone mohlape oa likhama?

Ha re ea re lebile ntlong e ’ngoe e nyenyane, ntate e mong o re lumelisa ka lerato. Ke e mong oa baahi ba ’maloa ba mona. Ha a lemoha hore selei sa rōna se robehile, ka mosa o ithaopela ho re lokisetsa sona. O se lokisa a iketlile; etsoe batho ba mona ha ba potlake ha ba etsa lintho. Tsela eo a etsang lintho ka eona e etsa hore le rōna re ikutloe re phutholohile. Ka mor’a hore a lokise selei, rea mo leboha le ho mo bontša lintlha tse ’maloa tse tsoang ka Bibeleng tse mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo. O re mamela ka tsebe e lethoethoe. Pele re tsamaea, re mo siela buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! O bobotheha hamonate ’me o re, “Kea leboha hore ebe le nketetse.”

Ka mor’a ho etela batho ba bang ba ’maloa, shoalane e qala ho tšoara ’me re leba ntlong eo re tla hlola bosiu ho eona. Ha re re mahlo tloha! re bona phokojoe. Boea ba eona bo bofubetsoana bo khanya hamonate ha bo utloa bosoeu ba lehloa. Phokojoe ena e ema ka motsotsoana, e re sheba ka thahasello e ntan’o ikela. Joale lehloa le qala ho khetheha ’me re sitoa ho bona hantle moo re eang teng. Ha re kokololo! ha re bona ntlo eo re il’o robala ho eona. Re besa mollo setofong ’me butle-butle ho qala ho futhumala. Le hoja re khathetse ka mor’a ho qeta letsatsi lohle re khohloptjoa ke koloi, re ikutloa re thabile.

Kapele feela e se e le hoseng. Re paka lintho hape ka koloing ’me re theosa le sehlaba re iphaphathile ka nōka, ebe re fihla ntlong e ’ngoe ea baeti e thabeng. Mona re kopana le mohlankana e mong eo re mo bolellang litaba tse hahang tse tsoang ka Bibeleng. O ba mosa ’me o re bontša kamoo re ka khutlelang tseleng habonolo kateng.

E se e le letsatsi la rōna la ho qetela mona. Ha re kena Stabbursdalen National Park, re bona sebaka se seholohali se setle, se nang le lithaba tse koahetsoeng ke lehloa le phatsimang ha le utloa khanya ea letsatsi. Ka pel’a rōna ho hlaha mohlape o moholo oa likhama! Li fula li iketlile, li ntse li cheka boriba le bolele bo ka tlas’a lehloa ka litlhako tsa tsona. Pejana mane re bona Mosami a ituletse koloing ea hae ea lehloeng. O shebile mohlape oa hae oa likhama a iketlile. Ntja ea hae ke eona e li lisitseng le e etsang hore li se ke tsa qhalakana. Ntja eo e ema ka motsotsoana e fofonela lehlakoreng leo re leng ho lona. Empa kapele feela e se e khutletse mosebetsing oa eona. Re bolella molisana enoa molaetsa oa rōna. Ke motho ea botsoalle ’me oa re mamela.

Ha re se re khutlela hae, re nahana ka batho bohle bao re kopaneng le bona leetong lena la rōna la lik’hilomithara tse 300. Re ikutloa re le motlotlo hore ebe re khonne ho etela batho ba lulang lithoteng tsena tse sabaletseng tse tšoeu toa! ke lehloa.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

©Norway Post