Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Edene​—Na e ne e le Lehae la Pele la Batho?

Edene​—Na e ne e le Lehae la Pele la Batho?

Edene​—Na e ne e le Lehae la Pele la Batho?

NAHANA feela u le serapeng se itseng. Ha ho na lintho tse ferekanyang, ha ho na lerata le thibang litsebe la litoropong le utloahalang ka nģ’ane ho lerako. Serapa sena se seholo, ha ho letho le senyang khotso e ho sona. Ntho e monate le ho feta ke hore ha ho letho le u tšoenyang kelellong, u phetse hantle ’meleng, ha ho na lintho tse u hlōlang kapa moo ho opang. Litho tsa hao tsa kutlo li sebetsa hantle hoo u khonang ho thabela sohle se u pota-potileng.

U fepa mahlo a hao ka botle bo tsotehang ba lithunthung, metsi a phatsimang a molapo hammoho le limela tse tletseng hohle tse makhasi a matalana le joang, ebang li moriting kapa li letsatsing. U otloa ke moea o pholileng hamonate o bileng o nang le monko o monate. U utloa ho shoahlatsa ha makhasi, ho phakhatsa ha metsi a otlang mafikeng, meloli e monate ea linonyana hammoho le melumo e tlaase ea likokoanyana tse ntseng li iketsetsa mesebetsi ea tsona. Na see ha se etse hore u lakatse ho ba sebakeng se joalo?

Lefatšeng ka bophara, batho ba lumela hore moloko oa batho o qalile sebakeng se joalo. Ka lilemo tse makholo, litho tsa Bolumeli ba Sejuda, tsa malumeli a ipitsang a Bokreste le tsa Boislamo li ’nile tsa rutoa ka serapa sa Edene, moo Molimo a ileng a beha Adama le Eva hore ba phele teng. Ho latela Bibele, ba ne ba phela ka kutloano, ba thabile. Ba ne ba phelisana ka khotso ba bile ba phelisana le liphoofolo ka khotso, ba sebelisana hantle le Molimo eo ka mosa a neng a ba file tšepo ea ho phela ka ho sa feleng sebakeng seo se setle.—Genese 2:15-24.

Mahindu le ’ona a na le khopolo ea ’ona e ikhethang ka paradeise ea boholo-holo. Mabuddha a lumela hore baeta-pele ba ’ona ba baholo moeeng, e leng bo-Buddha, ba phetse mehleng ea boiketlo ha lefatše e ne eka ke paradeise. Malumeli a mang a Afrika le ’ona a ruta lipale tse batlang li tšoana haholo le taba ea Adama le Eva.

Ha e le hantle, taba ea hore ho kile ha e-ba le paradeise mehleng ea khale e fumaneha malumeling a mangata hammoho le lineanong tsa lichaba tse ngata. Mongoli e mong o itse: “Lichaba tse ngata li lumela hore ho kile ha e-ba le paradeise mehleng ea khale, eo ho eona batho ba neng ba phethahetse, ba lokolohile, ho rena khotso, thabo le nala, ho bile ho se na litšoso, khatello le lintoa. . . . Tumelo ena e ’nile ea etsa hore batho ka kakaretso ba lakatse ho phela paradeiseng e joalo ba be ba leke ho etsa hore e boele e be teng.”

Na lipale tseo kaofela le lineano li tsoa mohloling o le mong? Na ebe “batho ka kakaretso” ba susumetsoa ke ntho e itseng e kileng ea etsahala? Na ka sebele ho kile ha ba le serapa sa Edene mehleng ea khale, hammoho le Adama le Eva?

Ba nang le lipelaelo ba soma khopolo eo. Mehleng ena ea saense, ba bangata ba nka hore litlaleho tse joalo ke litšōmo feela kapa lipale tse iqapetsoeng. Ntho e makatsang ke hore ba bang ba batho ba belaelang ke balumeli. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba khothalletsa batho hore ba se ke ba lumela taba ea serapa sa Edene. Ba re ha ho e-s’o ka ho e-ba le sebaka se joalo. Ba re tlaleho eo e mpa e le tšoantšetso, tšōmo, pale e iqapetsoeng kapa papiso.

Ke ’nete hore Bibele e na le lipapiso. Tse ling tsa tse tummeng ka ho fetisisa ke tse ileng tsa buuoa ke Jesu ka boeena. Leha ho le joalo, ha Bibele e bua ka taba ea Edene, ha e bue ka eona e le papiso, empa e bua ka eona ka ho hlakileng e le ntho e kileng ea etsahala. Leha ho le joalo, haeba liketsahalo tse hlalositsoeng mona ha li e-s’o ka li etsahala, joale batho ba ka tšepa Bibele joang? A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha ba bang ba e-na le lipelaelo ka serapa sa Edene re be re bone hore na mabaka ao ba fanang ka ’ona aa utloahala kapa che. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na ke hobane’ng ha re lokela ho nka tlaleho eo e le ea bohlokoa.