Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo ke “Moetsi oa Lintho Tse Khōlō”—Kamoo ke Tsebileng Seo Kateng

Molimo ke “Moetsi oa Lintho Tse Khōlō”—Kamoo ke Tsebileng Seo Kateng

Molimo ke “Moetsi oa Lintho Tse Khōlō”​—Kamoo ke Tsebileng Seo Kateng

Joalokaha ho boletse Maurice Raj

Lelapa leso hammoho le bajaki ba bang ba likete, le ile la baleha tlhaselo e ’ngoe ea tse neng li le sehlōhō ka ho fetisisa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Re ile ra qeta matsatsi re tsamaea morung o teteaneng oa Burma, bosiu re robala tlas’a lifate. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li robong. Mahetleng ke ne ke jere seshobana sa lintho tsohle tsa ka. Empa tseo e ne e sa le linyane feela.

E NE e le ka selemo sa 1942. Ho ne ho kupa ntoa lefatšeng ’me re ne re baleha lebotho la Majapane le neng le atamela. Le ne le sa tsoa kena Burma, eo hona joale e bitsoang Myanmar ’me le ne le se le hapile libaka tsohle tse nang le oli tsa motse oa Yenangyaung. Pele re ka fihla moeling oa India, masole a Majapane a ile a re fumana ’me a re qobella hore re khutlele moo re tsoang.

Ha ke sa le monyenyane, re ne re lula Yenangyaung, moo Ntate a neng a sebetsa K’hamphaning ea Oli e Burma. Ka mor’a hore Majapane a hape sebaka sena, libaka tse nang le oli e ngata tsa Yenangyaung li ile tsa hlaseloa ka libomo ke lifofane tsa Brithani. Ka lekhetlo le leng lelapa leso le ile la qeta matsatsi a mararo le ipatile liforong ha libomo li ntse li ruthutha ka nģa tsohle. Qetellong re ile ra baleha ka sekepe ra ea Sale, e leng torotsoana e neng e le haufi le Nōka ea Ayeyarwady, kapa ea Irrawaddy. Re ile ra leboha hore ebe re ntse re phela eaba re lula moo ho fihlela ntoa e letse.

Tlokotsi e Ntataisetsa ’Neteng

Moena oa ka o ile a hlaha ka 1945, selemong seo Ntoa ea II ea Lefatše e letseng ka sona. Ntate o ne a thabile haholo ka ho ba le ngoana botsofaling ba hae. Empa thabo eo ea hae ha ea ka ea nka nako e telele. Moena eo oa ka o ile a hlokahala ka mor’a likhoeli tse tharo. Ntate o ile a utloa bohloko haholo eaba nakoana ka mor’a moo le eena oa hlokahala.

Ha metsoalle e leka ho ntšelisa, e ile ea re Molimo o nkile Ntate le moena oa ka hore ba e’o ba le Eena leholimong. Ke ne ke labalabela ho ea ba le bona! Lapeng re ne re kena Kereke e K’hatholike ’me ke hona moo ke qalileng ho ithuta ka bolumeli. Ke ne ke rutiloe hore ha baruti le masistere ba e-shoa ba ea leholimong ka ho toba, athe ba bang ba qeta nako e itseng pelekatoring pele, moo ba hlatsuoang libe ka hore ba hlokofatsoe ka nakoana. Kaha ke ne ke lakatsa ho ea ba le Ntate le moena oa ka, sepheo sa ka e ile ea e-ba hore ke e’o kena seminaring ea K’hatholike e Maymyo, eo hona joale e bitsoang Pyin Oo Lwin, e bohōle ba lik’hilomithara tse 210 ho tloha moo re neng re lula teng.

E le hore ke amoheloe seminaring ke ne ke lokela hore ebe ke rutehile. Empa kaha ke ne ke le mojaki, ke ne ke ile ka kena sekolo lilemo tse peli feela. Ka mor’a moo, likolo kaofela li ile tsa koaloa nakong ea ntoa. Le hoja likolo li ile tsa buloa hamorao, lelapa leso le ne le hula ka thata licheleteng. ’Mè o ne a sa hlokomele ’na le baholoane ba ka ba babeli feela, empa o ne a boetse a hlokomela le bana ba bararo ba neng ba sa ntse ba le banyenyane ba ngoan’abo ea neng a se a hlokahetse. Rōna bashanyana, o ile a lokela ho re ntša sekolong.

Moholoane oa ka o ile a fumana mosebetsi, empa ’na ke ne ke le lilemo li 13 feela, ka hona ho ne ho se se sekaalo seo nka se etsang. Rangoane Manuel Nathan, o ne a lula Chauk, e leng motse o neng o le haufi le Sale. Ke ile ka re ka pelong, ‘Ha nka tloha lapeng, ke tla fokotsa palo ea batho ba lokelang ho feptjoa.’ Ka hona, ke ile ka ea Chauk ho ea lula le Rangoane.

Ke ne ke sa tsebe hore Rangoane o ne a sa tsoa kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me o ne a chesehela ho bolella ba bang seo a sa tsoa ithuta sona ka Bibeleng. O ile a mpolella hanyane ka hanyane, a qala ka ho hlalosa se boleloang ke thapelo eo Mak’hatholike a reng ke ea Ntat’a Rōna. E qala tjena: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.”—Matheu 6:9, 10, Bibele ea Sesotho.

Rangoane o ile a ntlhalosetsa, a re: “Molimo o na le lebitso. Lebitso leo ke Jehova.” Ka mor’a moo, o ile a mpontša lebitso leo la Molimo ka Bibeleng. Ke ne ke batla ho tseba lintho tse ling tse ngata. Empa ke ne ke sa tsebe ho bala hantle, esita le ka puo ea heso ea Setamile, hape Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa Rangoane e ne e le tsa Senyesemane, seo ke neng ke sa se tsebe hantle. Le hoja ke ne ke sa ruteha, butle-butle ke ile ka qala ho utloisisa lithuto tsa Bibele. (Matheu 11:25, 26) Ke ile ka qala ho lemoha hore lithuto tse ngata tsa bolumeli tseo ke neng ke li rutiloe li ne li sa thehoa Bibeleng. Qetellong ke ile ka re: “Rangoane, ena ke ’nete!”

Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka qala ho bolella ba bang seo ke ithutileng sona. Ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 77 feela Myanmar ka nako eo. Nakoana ka mor’a moo, moromuoa oa Paki ea bitsoang Robert Kirk, ea neng a tsoa Rangoon, e leng motse-moholo oo hona joale o bitsoang Yangon, o ile a etela Rangoane motseng oa Chauk. Ke ile ka bolella Robert hore ke nehetse bophelo ba ka ho Jehova. Kahoo, ka la 24 December, 1949, ke ile ka kolobetsoa Nōkeng ea Ayeyarwady, ho bontša hore ke inehetse ho Molimo.

Ho Hlōla Litšitiso

Nakoana ka mor’a moo ke ile ka fallela Mandalay e le hore ke fumane mosebetsi o loketseng. Sepheo sa ka e ne e le ho ba pula-maliboho, kamoo Lipaki Tsa Jehova tse qetang nako e ngata li bolela molaetsa oa Bibele li bitsoang kateng. Ka letsatsi le leng ha ke shebeletse bolo ea maoto ke ile ka tsietsana ka lebaka la ho finahana ha mesifa. Ke ne ke e-na le lefu la ho oa, kahoo ke ile ka tlameha ho khutlela hae e le hore ba ka ntlhokomela.

Lefu lena le ile la tsoela pele le ntse le ntlhasela khafetsa ka lilemo tse robeli. Ha ke se ke hlaphohetsoe, ke ile ka khona ho hiroa hape. Le hoja ’mè oa ka a ne a sa nkhothalletse hore ke etse mosebetsi oa boboleli oa nako eohle ka lebaka la boemo ba ka, ka letsatsi le leng ke ile ka re ho eena: “Ke sitoa ho leta ho feta mona. Ke batla ho ba pula-maliboho. Jehova o tla ntlhokomela.”

Ka 1957, ke ile ka fallela Yangon eaba ke qala mosebetsi oa bopula-maliboho. Ntho e makatsang ke hore ke ile ka nka lilemo tse 50 kaofela lefu la ka le emisitse, ho fihlela ka 2007. Hona joale ke le laola ka meriana. Ka 1958, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng, ke qeta lihora tse 150 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe mosebetsing oa boboleli.

Ke ile ka qala ka ho ea sebeletsa Kyonsha, e leng motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 110 ka leboea-bophirima ho Yangon. Sehlotšoana sa batho moo se ne se balile lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng ’me se batla ho tseba litaba tse eketsehileng. Ha ke fihla moo le Robert, letšoele la batho le ile la bokana. Re ile ra araba lipotso tsa bona tse ngata tse mabapi le Bibele eaba re ba bontša hore na ba tšoare liboka tsa Bibele joang. Ka mor’a nakoana feela ba bang ba bona ba ile ba ea le rōna mosebetsing oa boboleli. Ke ile ka kōptjoa hore ke sale motseng oo. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa feela, sehlotšoana seo e ne e se e le phutheho e matla. Kajeno ho na le Lipaki tse fetang 150 sebakeng seo.

Hamorao ke ile ka khethoa hore ke be mosebeletsi ea etelang liphutheho, ke etela liphutheho le lihlopha tse libakeng tse hōle Myanmar eohle. Ke ne ke tsamaea lik’hilomithara tse ngata-ngata litseleng tse lepoqo, ke palama ka holim’a literaka tse laetseng, ke fohla meru, ke tsamaea ka likepe linōkeng ke bile ke hloahloaela lithabeng. Le hoja ke se motho ea matla hakaalo ’meleng, ke ne ke utloa hore Jehova o mpha matla e le hore ke tsoele pele.—Bafilipi 4:13.

“Jehova o Tla U Thusa”

Joale ka 1962, ke ile ka isoa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Yangon, moo Robert a ileng a nkoetlisa. Nakoana feela ka mor’a moo, ba boholong ’musong ba ile ba leleka baromuoa ba tsoang linaheng tse ling Myanmar ’me ba ile ba tsamaea ka mor’a libeke tse seng kae feela. Ke ile ka tšoha haholo ha ke bolelloa hore ke ’na ea lokelang ho hlokomela ofisi ea lekala.

Ke ile ka ipotsa: ‘Na ebe ke tla khona? Ha kea ruteha ebile ha ke e-s’o tloaele mosebetsi.’ Ha batho ba bang ba seng ba hōlile ba hlokomela hore ke tšohile ba ile ba re: “Maurice, se k’a khathatseha. Jehova o tla u thusa, ebile le rōna re tla u tšehetsa.” Ka sebele mantsoe ao a bona a ile a nkhothatsa haholo! Likhoeli tse seng kae ka mor’a moo, ke ne ke lokela ho etsa tlaleho ea selemo ea mosebetsi oa boboleli Myanmar e tla hlaha Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1967 (ea Senyesemane). Lilemong tse 38 ka mor’a moo, ke ile ka ’na ka bokella tlaleho ea selemo le selemo ea naha kaofela. Lintho tse neng li etsahala nako le nako li ile tsa mpontša hore ka sebele Jehova ke eena ea laolang mosebetsi oa rōna.

Ka mohlala, ha ke ne ke etsa kōpo ea hore ke be le tokelo ea ho ba moahi oa Myanmar, ke ile ka haelloa ke li-kyat tse 450 * tseo ke neng ke lokela ho li lefa e le hore ke fumane bukana ea ho ba moahi, kahoo ke ile ka tlohela. Eaba ka letsatsi le leng ha ke ne ke feta ofising ea k’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa lilemong tse fetileng, mookameli oa ka oa mehleng oa mpona. O ile a nkhoeletsa: “Hela, Raj, tloo u tl’o nka chelete ea hao. U lebetse ho nka chelete ea hao ea ha u tlohela mosebetsi.” E ne e le li-kyat tse 450.

Ha ke tloha ofising moo, ke ile ka nahana ka lintho tsohle tseo nka li etsang ka li-kyat tse 450. Empa kaha e ne e le eona hantle chelete eo ke e hlokang e le hore ke fumane bukana ea ho ba moahi, ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a batla hore ke e sebelisetse morero oo. Khetho eo e ile ea e-ba e molemo haholo. Kaha ke ne ke se ke le moahi, ke ne nka lula ka har’a naha, ka tsamaea ka bolokolohi, ka kenya lingoliloeng ka har’a naha ka ba ka etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa e amanang le boboleli Myanmar.

Kopano ka Leboea

Ka 1969, mosebetsi oa rōna o ne o hatela pele haholo motseng oa Myitkyina o karolong e ka leboea ea Myanmar, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho tšoarela kopano motseng ona. Leha ho le joalo, bothata bo boholo boo re neng re e-na le bona e ne e le ho batlela Lipaki tse ka boroa lipalangoang. Re ile ra rapela eaba re kōpa ba Literene Tsa Myanmar hore ba re bolokele makareche a tšeletseng. Re ile ra makala haholo ha ba amohela kōpo ea rōna.

Ha nako ea kopano e fihla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le mocheng. Letsatsing leo re neng re lebeletse hore ba tlang kopanong ba fihle ka lona, re ile ra ea seteisheneng sa terene motšehare o moholo, re lebeletse hore terene e tla fihla ka 2:30 motšehare. Ha re ntse re letile, molaoli oa seteishene o ile a re fa thelekramo e neng e re: “Re hakolotse makareche a tšeletseng a Watch Tower Society.” O ile a re terene e ke ke ea khona ho hula makareche a mang moepeng.

Ebe joale re ne re tla etsa’ng? Ntho ea pele eo re ileng ra e nahana ke ho chechisa letsatsi la kopano. Empa ho etsa joalo ho ne ho tla hloka hore re kōpe mangolo a mang a tumello, e leng ntho e neng e tla nka libeke-beke! Nakong eona eo ha re ntse re rapela Jehova ka matla, terene e ile ea kena seteisheneng. Ha rea ka ra lumela seo re se bonang—makareche a eona a tšeletseng kaofela a ne a palamisitse banab’abo rōna ba Lipaki! Ba ne ba ntse ba bososela ba bile ba re phahamisetsa matsoho. Ha re botsa hore na ho etsahetse’ng, e mong oa bona o ile a re: “Ehlile ba hakolotse makareche a tšeletseng, empa eseng a rōna!”

Lipakeng tsa 1967 le 1971, palo ea Lipaki tsa Myanmar e ile ea imena hoo e neng e ka ba 600. Ka 1978 teng, ofisi ea lekala e ile ea fallisetsoa ntlong e nang le mekato e ’meli. Lilemo tse mashome a mabeli ka mor’a moo, palo ea Lipaki e ne e se e le 2 500. Ho ile ha atolosoa lekala hape ’me ka la 22 January, 2000, John E. Barr, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a tla a tsoa United States ho tla fana ka puo e nehelang ofisi e mekato e meraro le mohaho oa bolulo o ntseng o sebelisoa le kajeno.

Litlhohonolofatso Tseo ke li Fumaneng

Kajeno, ho na le baithaopi ba 52 ba sebetsang lekaleng lena le Yangon ba bileng ba lulang teng, hape ho na le Lipaki tse ka bang 3 500 tse kopanelang liphuthehong tse 74 le lihlopheng tse teng naheng ka bophara. Ke thabela hape hore ka 1969, ’mè oa ka eo ke mo ratang, le eena e ile ea e-ba Paki ea Jehova nakoana pele a hlokahala.

Doris Ba Aye, eo e neng e le pula-maliboho sebakeng seo, e ile ea e-ba mofetoleli ofising ea rōna ea lekala lilemong tsa bo-1960. Pejana ho moo, ka 1959, e ne e le e mong oa sehlopha sa bo32 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, e leng sekolo se koetlisang baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova. Botle ba hae, botho ba hae bo ratehang le lerato leo a nang le lona linthong tsa moea li ile tsa nkhapa pelo. Re ile ra nyalana ka 1970. Le hona joale re ntse re rata Jehova haholo ebile re ntse re ratana haholo.

Ka lilemo tse fetang 60, ke bone kamoo Molimo a ileng a kenya letsoho kateng mosebetsing oa boboleli naheng ena. Ka sebele o moholo ebile o lokeloa ke ho rorisoa haholo. Ke iponetse ka bonna bophelong ba ka hore ke “Moetsi oa lintho tse khōlō.”—Pesaleme ea 106:21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 23 Ka nako eo e ne e ka ’na ea lekana le $95 (U.S.).

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ha ke le mosebetsing oa boboleli, Rangoon, Burma, hoo e ka bang ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha ke ea kopanong, Kaleymo, Burma, ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-1970

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mehaho ea rōna e metle ea lekala, e ileng ea atolosoa ka 2000

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke ’na le Doris kajeno

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha re le mosebetsing oa ntlo le ntlo