Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho Hlompha Lentsoe la Molimo

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho Hlompha Lentsoe la Molimo

JESU o ile a ruta batho ho hlompha Lentsoe la Molimo, Bibele. Ntlha ena e pakoa ke tsela eo a ileng a araba ka eona ha Diabolose a mo leka. (Matheu 4:4-11) Ka mohlala, Jesu o ile a etsa joang ha Satane a mo leka ka hore a fetole majoe mahobe? Jesu o ile a qhela teko eo ka ho qotsa mantsoe a Moshe a bululetsoeng, ao u ka ipallang ’ona ho Deuteronoma 8:3. Hona Jesu o ile a arabela joang ha Diabolose a mo tšepisa bobusi ba mebuso eohle ea lefatše haeba feela a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe ea borapeli? O ile a hana, a qotsa molao-motheo oa Mangolo oo u ka u fumanang ho Deuteronoma 6:13.

Hopola, le hoja Jesu e ne le mora oa Molimo, ha a ruta o ne a itšetleha ka Bibele, hobane o ne a e nka e le buka e ka tšeptjoang. ’Me ka sebele ha aa ka a tlohela Lentsoe la Molimo eaba o khomarela meetlo ea batho. (Johanne 7:16-18) Leha ho le joalo, boholo ba baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba sa hlomphe Lentsoe la Molimo joaloka eena. Hobane’ng? Ba ne ba nka meetlo ea batho e le ea bohlokoa ho feta Mangolo a Halalelang. Ha Jesu a toba taba o ile a re ho banna bao ba bolumeli: “Ka lebaka la moetlo oa lōna he, le fetotse taelo ea Molimo lefeela. Baikaketsi ting! Esaea o porofetile hantle ka lōna, ha a re: ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo ea sona feela, empa lipelo tsa sona li hōle le ’na; se nkhumamella lefeela, empa se ruta lithuto tseo e leng litaelo tsa batho.’”—Matheu 15:6-9, BPN.

Malumeli a mangata a lefatše a bolela hore a hlompha Bibele, ebang ke a Bokreste kapa hase a Bokreste. Leha ho le joalo, ke malumeli a makae ao u a tsebang a tlohelang ho latela meetlo ea batho ha a lemoha hore e thulana le seo Lentsoe la Molimo le se rutang? Nahana feela ka mehlala e ’meli.

SEHLOOHO: Litlotla tse fuoang baeta-pele ba bolumeli.

SEO BIBELE E SE RUTANG: Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae hobane ba ne ba rata ho bitsoa ka litlotla tse itseng ba bile ba rata maemo a phahameng. O ile a re banna bao ba ne ba rata “litulo tse kapele meketeng, le litulo tse kapele masinagogeng, le ho lumelisoa mapatlelong, le ho bitsoa ke batho: ‘Rabbi!’” Eaba Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Lona, le se ke la bitsoa Rabbi, hobane moruti oa lōna o mong, e leng Kreste, ’me lona bohle le bana ba motho a le mong. Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lōna, hobane o mong feela eo e leng Ntat’a lōna, ke ea leng maholimong.”—Matheu 23:1-10, Bibele ea Sesotho.

POTSO: Na baeta-pele ba bolumeli boo ba rata ho tlotloa ka mabitso a itseng a phahameng ’me ba batla ho hlahella ka mahetla sechabeng, kapa na ba mamela taelo ea Jesu ea hore ba qobe see?

SEHLOOHO: Ho sebelisa litšoantšo borapeling.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa.”—Exoda 20:4, 5, Bibele ea Sesotho.

Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste a re: “Itlhokomeleng melimong ea bohata.”—1 Johanne 5:21, Bibele—Phetolelo e Ncha.

POTSO: Na litho tsa bolumeli boo li hlompha molao oo o hlakileng oa Bibele ka ho qoba ho sebelisa litšoantšo ha li rapela Molimo?

U ka Fumana Tsela e Nepahetseng

Le hoja kajeno ho e-na le malumeli a mangata a ka ferekanyang motho, u ka fumana bolumeli bo isang bophelong. Ho na le matšoao a mangata a khethollang “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo.” (Jakobo 1:27, Bibele ea Sesotho) Mangolo a tšohliloeng lihloohong tsena a tšoana le matšoao a ka u thusang hore u fumane bolumeli ba mofuta oo.

Ho ka ba joang ha u ka kōpa Lipaki Tsa Jehova hore li u qaqisetse likarabo tsa lipotso tse botsitsoeng lihloohong tsee? Ha u ntse u nahanisisa ka seo li se buang, latela mohlala o motle oa batho ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo motseng oa Berea. Ka mor’a hore ba utloe ha moapostola Pauluse a bolela evangeli, ba ile “ba fuputsa Mangolong . . . ho bona hore na litaba tseo [Pauluse a neng a ba bolella tsona] li joalo” na. (Liketso 17:11, BPN) Haeba joaloka Baberea u hlompha Lentsoe la Molimo u bile u ithuta lona ka tjantjello, u tla fumana tsela e lebisang bophelong. Hore na u tla khetha ho tsamaea ka tsela eo kapa che, ke qeto eo u lokelang ho iketsetsa eona.

Ke bolumeli bofe bo khothalletsang batho ho ithuta Mangolo e le ho bona hore na seo ba ithutang sona se hlile se joalo?