MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) May 2014

Khatisong ena ho tšohloa litsela tse tharo tseo re ka li sebelisang ha re le tšimong ho araba lipotso tse thata ka tsela e kholisang. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re tšepahala mokhatlong oa Molimo?

‘Lijo Tsa ka ke ho Etsa Thato ea Molimo’

Morena Davida, moapostola Pauluse le Jesu Kreste ba ne ba thahasella ho etsa thato ea Molimo. Re ka etsa’ng hore re lule re cheseha kapa re tsosolose cheseho ea rōna ha re sebetsa tšimo e thata?

Re Lokela ‘ho Araba e Mong le e Mong’ Joang?

Re ka sebelisa Mangolo joang ha re botsoa lipotso tse thata? Nahana ka litsela tse tharo tseo re ka li sebelisang ho fana ka likarabo tse kholisang.

Bonahatsa Mekhoa e Metle ha u le Tšimong

Re lokela ho tšoara batho bohle joang ha re le tšimong? Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 7:12 a sebetsa joang ha re le boboleling?

PALE EA BOPHELO

Ruri Jehova o Nthusitse

Kenneth Little o bolela kamoo Jehova Molimo a mo thusitseng kateng hore a loantše lihlong le ho se itšepe. Bala kamoo Molimo a hlohonolofalitseng boiteko ba hae kateng.

Jehova ke Molimo oa Tlhophiso

Tlaleho ea Baiseraele ba boholo-holo le ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e bontša joang hore bahlanka ba Jehova lefatšeng kajeno ba lokela ho hlophiseha?

Na U Hatela Pele le Mokhatlo oa Jehova?

Haufinyane tsamaiso ea Satane ea lintho e tla felisoa. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahalla mokhatlo oa Molimo?

NALANE EA RONA

“Ho sa Ntse ho E-na le Mosebetsi o Mongata oa Kotulo o Lokelang ho Etsoa”

Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang 760 000 tse phatlalatsang ’nete ea Bibele Brazil. Mosebetsi oa boboleli o qalile joang Amerika Boroa?