MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) September 2013

Makasineng ena ho tšohloa tsela ea ho etsa liqeto ka bohlale, ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova Molimo, le hore re rue molemo likhopotsong tsa Jehova.

Lumella Hore ho Bapisa Lintho ho U Thuse

Khafetsa Jesu o ne a bapisa lintho. Ithute kamoo u ka bapisang lintho kateng e le hore u thuse batho hore ba tsebe ’nete ea Bibele.

Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala

Haesale Jehova a sebelisa likhopotso ho tataisa batho ba hae. Ke hobane’ng ha re ka tšepa likhopotso tsa Molimo kajeno?

Etsa Hore Likhopotso Tsa Jehova e be Thabo e Khaphatsehang Pelong ea Hao

Na re thabela ho latela litaelo tsa Jehova, kapa ka linako tse ling re li nka e le moroalo? Re ka loanela ho tšepa likhopotso tsa hae joang?

Na U Fetohile?

Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba lokela ho ameha ka ho ‘fetoha’? Ho fetoha hoo ho akarelletsa’ng, hona re atleha ho fetoha joang?

Etsa Liqeto ka Bohlale

Re ka etsa bonnete ba hore liqeto tsa rōna li tumellanong le thato ea Molimo joang? Ke’ng e ka re thusang ho khomarela liqeto tseo re li entseng?

Bopula-maliboho bo Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo

Nahana ka litsela tse robeli tseo bopula-maliboho bo ka matlafatsang kamano ea hao le Jehova ka tsona. Ke’ng e ka u thusang hore u se ke ua khaotsa tšebeletso ee e ikhethang?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla pele a tsosa Lazaro joalokaha ho hlalositsoe ho Johanne 11:35?