MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) March 2013

Makasine ena e hopotsa Bakreste bohle hore na ba ka lula peisong ea bophelo joang. Hape, e fana ka leseli la hore na re ka tseba lipelo tsa rōna joang le hore na re ka tseba Molimo oa rōna e leng Jehova joang.

‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova

Ha ho se ka khopang batho ba ratang molao oa Jehova ka tsela efe? Fumana hore na ke sefe seo re ka se etsang e le hore re lule re le peisong ea bophelo.

Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?

Mantsoe a moprofeta Jeremia a ka u thusa hore u be le pelo ea tšoantšetso e phetseng hantle u be u lule u e-na le eona.

Kaha ‘Joale re Tseba Molimo’ re Lokela ho Etsa’ng?

Ithute hore ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u lule u hlahloba tumelo ea hao le boinehelo ba hao ho Jehova Molimo.

Tšelisa ba Bang—’Me U Tšelisoe

Kaofela ha rōna re kile ra kula, ba bang ba rōna ba ba ba kulela lefu. Ha re thulana le mathata a joalo, ke’ng e ka re thusang ho mamella?

Jehova ke Sebaka sa Rōna sa Bolulo

Le hoja re phela lefatšeng le khopo, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae?

Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo

U talima tlotla ea ho sebelisa lebitso la Jehova joang? Ho tseba lebitso la Molimo le ho tsamaea ka lona ho bolela’ng?

Na e Hlile e Ngotsoe ke Josephus?

Na ra-histori oa Mojuda Flavius Josephus o ngotse karolo e tsejoang e le Testimonium Flavianum?

Le ka Mohla U se ke Ua Felloa ke Tšepo!

Le ka mohla u se ke ua felloa ke tšepo ea hore motho a ka qetella a amohetse ’nete. Bala ka batho ba bang ba sa kang ba felloa ke tšepo le hore na hobane’ng.