Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E ne e le Setho sa Lelapa la Kaifase

E ne e le Setho sa Lelapa la Kaifase

Ka linako tse ling, lintho tse fumanoang ke baepolli ba lintho tsa khale li ka tiisa ka tsela e tobileng kapa e sa tobang hore ho kile ha e-ba le motho ea itseng eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. Ka mohlala, ka 2011, litsebi tsa Iseraele li ile tsa hatisa boitsebiso bo buang ka ntho eo li e epolotseng e tiisang seo. Ke lekesana la bafu le nang le lilemo tse 2 000—le entsoeng ka lejoe la mokoetla le khabisitsoeng, leo ho tšeloang masapo a mofu ka ho lona ka mor’a hore nama ea hae e bole.

Lekesana lena le ngotsoe mantsoe ana: “Miriame morali oa Yeshua mora oa Kaifase, moprista oa Mazia ea tsoang Beth ′Imri.” Moprista ea phahameng oa Mojuda ea neng a kentse letsoho qosong le polaong ea Jesu e ne e le Kaifase. (Joh. 11:48-50) Rahistori Flavius Josephus o re e ne e le “Josefa, ea neng a bitsoa Kaifase.” Kamoo ho bonahalang kateng, lekesana leo e ne e le la e mong oa beng ka eena. Kaha mongolo o lekesaneng leo ho neng ho nahanoa hore ke la moprista ea phahameng le fumanoeng pejana, o mo bitsa Yehosef bar Caiapha, kapa Josefa, mora oa Kaifase, * Miriame o ne a amana le Kaifase ka tsela e itseng.

Ho latela boitsebiso bo fanoeng ke Israel Antiquities Authority (IAA), lekesana la Miriame le ile la nkoa ka likhoka ho masholu a ileng a tlatlapa lebitla la boholo-holo. Ha lekesana lena hammoho le mongolo o ho lona li hlahlojoa, li tiisa hore ehlile ke la ’nete.

Ho boetse ho na le ntho e ’ngoe e ncha eo lekesana leo la Miriame le re bolellang eona. Le bua ka “Mazia,” e leng sehlopha sa ho qetela lihlopheng tse 24 tsa baprista ba neng ba chenchana ho sebeletsa tempeleng ea Jerusalema. (1 Likron. 24:18) IAA e re, mongolo o neng o le lekesaneng leo o senola hore “lelapa la Kaifase le ne le amana le sehlopha sa Mazia.”

Mongolo oo o boetse o bua ka Beth ′Imri ’me o ka ’na oa hlalosoa ka litsela tse peli. IAA e re, tsela “ea pele ke hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe Beth ′Imri ke lebitso la lelapa la boprista—e leng bara ba Imere (Esdrase 2:36-37; Nehemia 7:39-42) bao leloko la bona le akarelletsang ba sehlopha sa Mazia. Ea bobeli ke hore e ka ’na eaba [Beth ′Imri ke] sebaka seo mofu kapa ba lelapa la hae kaofela ba tsoang ho sona.” Ho sa tsotellehe hore na seo e leng sona ke sefe, lekesana la Miriame le fana ka bopaki ba hore Bibele e bua ka batho ba sebele ba neng ba hlaha malapeng a ileng a fela a e-ba teng.

^ ser. 3 Mabapi le lekesana la Kaifase, sheba sehlooho se reng “Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu,” Molula-Qhooeng oa January 15, 2006, leqepheng la 10-13.