MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) November 2012

Khatiso ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lebitso la Jehova, morero oa hae le molao oa hae e le tsa bohlokoa. E boetse e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba lokela ho loanela ho ikokobetsa le ho tšoarela batho ba bang.

“Nthute ho Etsa Thato ea Hao”

Re ka etsisa Davida joang ’me ra talima litaba ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona?

Botlallo ba Bona bo Koala Khaello

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba behella menehelo ka thōko bakeng sa ba hlokang. Re ka ba etsisa joang?

Jesu o re Behetse Mohlala oa Boikokobetso

Re ka rua molemo joang tseleng ea boikokobetso eo Jesu Kreste a neng a phela ka eona?

Loanela ho Itšoara Joaloka e Monyenyane

Re ka bontša boikokobetso joang ha re sebelisana le ba bang?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha e le hantle mantsoe a Jesu mabapi le mpho ea bosoha a bolela’ng?

Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?

Tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le baetsalibe ka eona nakong e fetileng, e re ruta lintho tse ngata mabapi le boikemisetso ba hae ba ho tšoarela.

Tšoarelanang ka Bolokolohi

Nahana kamoo re ka etsisang Jehova kateng ka hore re itokisetse ho tšoarela.

‘Molaetsa o Molemo ka ho Fetisisa oo Batho ba Kileng ba o Utloa’

Ka 1926, Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo, li ne li tsamaisa liteishene tsa tsona tsa khaso metseng e mene ea Canada.