Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Malala-a-laotsoe ho Hlahisa Litholoana Tse Ntle

Ho ba Malala-a-laotsoe ho Hlahisa Litholoana Tse Ntle

Ho ba Malala-a-laotsoe ho Hlahisa Litholoana Tse Ntle

NA U lula u le malala-a-laotsoe ho sebelisa menyetla eo u ka ’nang ua ba le eona ea ho bolela litaba tse molemo tšimong ea phutheho ea heno? Barab’abo rōna ba Bakreste ba motseng o tummeng o nang le kou ea likepe oa Turku, Finland, ba ne ba le malala-a-laotsoe ’me seo se ile sa hlahisa litholoana tse ntle.

Nakong e fetileng, barab’abo rōna ba Turku ba ile ba hlokomela hore ho ne ho e-na le sehlopha sa banna ba Maasia se neng se fihlile toropong ea habo bona. Se ne se tlil’o qetela mosebetsi oa ho haha sekepe se seholo sa baeti sebakeng sa moo seo ho etsoang likepe ho sona. Hamorao, mora e mong oabo rōna o ile a fumana hore na basebetsi bao ba tsoang ka ntle ho naha ba ne ba lula lihoteleng life. O ile a boela a fumana hore basebetsi bao ba ne ba nkoa ka libese e sa le ka malungoalungoana ho tloha lihoteleng tseo ba neng ba lula ho tsona tse ka har’a toropo ho ba isa boema-kepe. Hang-hang o ile a bolella barab’abo rōna ba phuthehong ea Senyesemane e Turku.

Baholo ba phutheho eo ba ile ba hlokomela hore taba ea hore ho ne ho e-na le batho ba bangata hakaalo ba neng ba e-tsoa naheng e ’ngoe e ne e fana ka monyetla o neng o sa lebelloa oa hore ba ba bolelle molaetsa oa ’Muso, kahoo ba ile ba hlophisa kapele-pele hore ho be le letšolo le khethehileng. Ka Sontaha hona bekeng eo, bahoeletsi ba leshome ba ile ba bokana haufi le seemelo sa libese ka hora ea bosupa hoseng. Qalong ho ne ho se na basebetsi ba fihlang. Barab’abo rōna ba ile ba ipotsa: ‘Ebe re fihlile ka mor’a nako?’ ‘Ebe ba se ba tlohile moo Turku?’ Eitse ba sa ntse ba ipotsa, mosebetsi e mong ea apereng ofarolo a hlaha hukung. E mong a hlaha ka mor’a hae, ’me hamorao ba hlaha ba le bangata. Ho e-s’o ee kae, boieane ba basebetsi bo ne bo bokane haufi le seemelo seo sa libese. Bahoeletsi ba ile ba kena khabong, ba bua le basebetsi bao ba tšoere lingoliloeng tsa Senyesemane. Ka lehlohonolo ho ile ha nka nako e ka etsang hora hore basebetsi bao kaofela ba kene ka libeseng, e leng se ileng sa fa barab’abo rōna nako e lekaneng ea hore ba bue le boholo ba bona. Ha libese li tloha moo, basebetsi ba ne ba fumane libukana tse 126 le limakasine tse 329!

Litholoana tse ntle tsa mosebetsi oo li ile tsa khothalletsa barab’abo rōna hore ba kene letšolong leo hape bekeng e hlahlamang ha molebeli oa potoloho a ne a etetse phutheho ea habo bona. Mohlang oo pula e ne e e-na, ’me molebeli oa potoloho o ile a tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo ka 6:30 hoseng eaba bahoeletsi ba 24 ba leba seemelong sa libese. Lekhetlong lena ba ne ba bile ba nkile le lingoliloeng tsa puo ea Setagalog kaha ba ne ba fumane hore boholo ba basebetsi bao ba ne ba tsoa Philippines. Hoseng hoo, ha libese li ne li tloha li leba boema-kepe, basebetsi bao ba ne ba fumane libuka tse 7, libukana tse 69 le limakasine tse 479. U se u ka inahanela hore na bara le barali babo rōna ba neng ba kentse letsoho letšolong leo ba ne ba thabile hakae!

Pele basebetsi bao ba khutlela linaheng tsa habo bona, barab’abo rōna ba ile ba khona ho etela ba ’maloa ba bona lihoteleng tseo ba neng ba lula ho tsona ’me ba ba hlalosetsa molaetsa oa ’Muso ka tsela e batsi. Basebetsi ba bang ba ile ba bolela hore ba ne ba kile ba bua le Lipaki linaheng tse ling. Basebetsi bao ba ile ba bolella barab’abo rōna hore ba leboha haholo hore ebe ba ile ba etsa boikhathatso ba hore ba bue le bona nakong eo ba neng ba le Finland.

Na u malala-a-laotsoe ho sebelisa menyetla e sa lebelloang e ka ’nang ea hlaha tšimong ea phutheho ea heno? Na u etsa boikhathatso ba hore u bue le batho ba litso tse ling? Haeba u etsa joalo, le uena u ka thabela se ileng sa thabeloa ke barab’abo rōna ba Turku.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 32]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FINLAND

HELSINKI

Turku