Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bokamoso Boa U Tšosa?

Na Bokamoso Boa U Tšosa?

Na Bokamoso Boa U Tšosa?

BATHO ba tšosoa ke lintho tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ba bang ba tšosoa ke seo ba nahanang hore se tla etsahalla lefatše lena. Makasine ea Time ea la 3 April, 2006, e re: “Mocheso o feteletseng, lifefo, meroallo, ho chesa hlaha, ho qhibiliha ho hoholo ha leqhoa le ipōpileng, li bontša hore boemo ba leholimo bo se bo senyehile haholo.”

Ka May 2002, Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Tikoloho le ile la ntša tlaleho eo sehlooho sa eona se neng se re, “Boemo ba Tikoloho ea Lefatše Lohle-3.” E ne e hlophisitsoe ke batho ba fetang 1 000. Litabeng ho thoe tlaleho eo e ile ea re: “Lefatše le maqakabetsing ka lebaka la lintho tse etsoang kajeno tse senyang meru, maoatle, linōka, lithaba, liphoofolo tse hlaha le limela tsa naha le lintho tse ling tseo meloko ea hona joale le e tlang e itšetlehileng ka tsona hore e ’ne e phele.”

Boemo ba kajeno ba tikoloho lefatšeng lohle e mpa feela e le e ’ngoe ea lintho tse ngata tse tšosang batho. Hona joale batho lefatšeng lohle ha ba sa ja litheohelang ka lebaka la litlhaselo tsa likhukhuni. Motlatsi oa motsamaisi oa lefapha le ka holimo-limo la lihloela Canada o ile a re: “Rea hlobaela bosiu kahobane re tšoenngoa ke litšokelo tseo re sa tsebeng hore na li tla etsoa neng li be li phethahatsoe joang.” ’Nete ke hore ho sheba litaba tsa mantsiboea feela thelevisheneng ho ka u tšosa!

Batho ba bangata ba sebetsang ka thata ba tšaba ho nyaoloa mosebetsing. Ho fokotsoa ha basebetsi, ho koaloa ha lifektheri, tlhōlisano mesebetsing le bahiri ba batlang lintho li hana ho fela, li ka etsa hore batho ba lule lejoe le motsu mosebetsing. Bacha ba tšaba ho hlouoa ke lithaka tsa bona. Bana ba banyenyane ba ka ’na ba tšaba hore mohlomong batsoali ba bona ha ba hlile ha ba ba rate. Empa ba ikutloa joang ka maemo a lefatše? ’Mè e mong ea tšoenyehileng o re: “Ho bana ba banyenyane ba sa tsebeng letho ka bophelo, hafeela ba se lapeng, ka linako tse ling ba ikutloa ba le sebakeng se seholo se tšabehang.” Batsoali ba bangata ba ngongorehisoa ke kamoo ho hlepha ha boitšoaro ho amang baratuoa ba bona kateng, haholo-holo bana ba bona.

Hangata batho ba tsofetseng ba tšaba hore ba tla oela litepising kapa ba hlaseloe seterateng. E, “ba tšohile feela se phahameng, ’me ho na le tšabo tseleng.” (Moeklesia 12:5) Batho ba tšaba hore ba tla tšoaroa ke mafu a kotsi. Ho utloa ho buuoa ka ntaramane e bolaeang, kankere le mafu a mang a tšoaetsanoang ho ka etsa hore re tšabe hore le rōna re ka ’na ra tšoaroa ke lefu le sa tsejoeng la setla-bocha le ka ’nang la re holofatsa kapa la re bolaea la ba la bolaea malapa a rōna. Ka sebele, haeba re bona batho ba mahlahahlaha ba phelang hantle ba se ba kula ’me ba fokola, ha ho kamoo re ke keng ra tšoenyeha ra ba ra ipotsa hore na ebe le rōna re ke ke ra hlaheloa ke ntho e tšoanang kapa hore na ebe e ke ke ea hlahela baratuoa ba rōna. Ho bohloko hakaakang ha u sheba motho ea kulang ka har’a thaka tsa mahlo ’me u bona hore o feletsoe ke tšepo!

Ha e le moo re tšosoa ke lintho tse ngata hakaale, na hoa utloahala hore re be le tšepo ha re nahana ka bokamoso? Na ho na le se ka re thusang hore re lule re e-na le tšepo? Lipotso tsena li tla arabeloa sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

© Jeroen Oerlemans/Panos Pictures