Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo ke Eena ea Ikarabellang ka Mathata a Rōna?

Na Molimo ke Eena ea Ikarabellang ka Mathata a Rōna?

Na Molimo ke Eena ea Ikarabellang ka Mathata a Rōna?

HA MORALI oa Marion ea seng a hōlile a lemala boko hampe, Marion o ile a etsa seo ba bangata ba rōna ba neng ba tla se etsa. * O ile a rapela Molimo a kōpa thuso. Marion o re: “Ha ho mohla ke hopolang nkile ka ikutloa ke lahlehile ke bile ke se na mang-oe joalo.” Hamorao boemo ba morali oa hae bo ile ba mpefala, eaba Marion o qala ho belaella Molimo. O ile a ipotsa ho re: “Ke hobane’ng ha see se etsahetse?” O ne a sa utloisise hore na ke joang Molimo ea lerato le ea tsotellang a neng a ka mo lahla kherehloa joalo.

Phihlelo ea Marion ke ntho e tloaelehileng. Batho ba bangata lefatšeng ho pota ba kile ba ikutloa ba lahliloe ke Molimo linakong tsa mathata. Ka mor’a hore mora oa morali oa hae a bolaoe, Lisa o ile a re: “Ke sa ntse ke kolokochana le lipotso tsa hore na ‘ke hobane’ng ha MOLIMO a lumella lintho tse mpe.’ Tumelo ea ka ho Molimo ha e e-s’o fele ka ho feletseng, empa ’nete ke hore e fetohile.” Ka ho tšoanang, ka mor’a ho bona koluoa e se nang kelello e ileng ea ama mor’a hae oa lesea, mosali e mong o ile a re: “Molimo ha aa ka a ntšelisa ho hang ho se etsahetseng. Ha aa mpontša le letšoaonyana feela la hore oa ntsotella kapa hore o nkutloela bohloko.” O ile a phaella ka ho re: “Ho hang nke ke ka tšoarela Molimo.”

Ba bang ba qala ho hlonamela Molimo ha ba talima lefatše le ba potolohileng. Ba bona linaha tse hlasetsoeng ke bofuma le tlala ea boja-likata, baphaphathehi ba tlaletsoeng ke nōka, letoto le se nang palo la bana ba masea ba setseng e le likhutsana ka lebaka la AIDS le batho ba limilione ba sohlokiloeng ke maloetse a mang. Ha lintho tsena le likoluoa tse tšoanang le tsona li etsahala, batho ba bangata ba jarisa Molimo molato ka hore o bonahala a sa nke khato.

Leha ho le joalo, bonneteng Molimo a ke ke a jarisoa molato ka litlokotsi tse hlaselang moloko oa batho. Ha e le hantle, ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Molimo o tla lokisa tšenyo e hlahileng lelapeng la motho. Re u memela hore u phetle sehloohong se latelang ’me u bone hore efela Molimo oa re tsotella.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.