Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Esaia 30:21 e re lentsoe la Jehova le utloahala “ka mor’a lōna,” empa temana e ka pele ho ee e bontša hore Jehova o ka pele ha e re, “Mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo”?

Esaia 30:20, 21 e baleha tjena: “Morupeli oa lōna e Moholo ha a sa tla hlola a ipata, ’me mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo. Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.”

Haeba ’mali a nahana ka temana ena ka tsela ea sebele, o bona Jehova, Morupeli e Moholo, a le ka pele ho eena empa o utloa lentsoe la Hae le hlaha ka morao ho eena. Leha ho le joalo, mantsoe ana ke a tšoantšetso, ’me a lokela ho nkoa ka tsela eo.

Mokhabo-puo o sebelisitsoeng temaneng ea 20 o etsa hore motho a nahane ka mohlanka ea loketseng ho sebeletsa mong’a hae, le ea lutseng e le malala-a-laotsoe ho phetha litaelo tsa hae. Feela joaloka mohlanka ea elang hloko letsoho la mong’a hae hore a bone hore na o batla eng, kajeno batho ba Jehova ba ela hloko litaelo tse thehiloeng Bibeleng tseo Jehova a fanang ka tsona ka ho tsoelang pele ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. (Pesaleme ea 123:1, 2) E, ba tataisoa ke eena, ’me ba seli ho etsa sohle seo Jehova a se bolelang ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47.

Lentsoe le utloahalang le hlaha ka morao ho bahlanka ba hae ke lefe? Hoa utloahala ho phetha ka hore lentsoe le hlahang ka morao ke lentsoe la Molimo le boletsoeng nakong e fetileng, le tlalehiloeng Lentsoeng la hae le ngotsoeng le hlakisoang ke “motsamaisi [oa hae] ea tšepahalang.” (Luka 12:42) Bahlanka ba kajeno ba Molimo ba utloa lentsoe la hae ka ho ithuta Bibele ka khothalo le ka ho sebelisa melao-motheo ea lona ka thuso ea lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene,” “motsamaisi ea tšepahalang.” Ka ho ba seli le ka ho itšetleha ka tataiso e nakong eo Morupeli e Moholo a fanang ka eona le ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng lilemong tse makholo tse fetileng, ka tšoantšetso bahlanka ba hae ba mo bona a le ka pele ho bona ’me ba utloa lentsoe la hae le hlaha ka morao.—Baroma 15:4.