Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Liholo Tsa ’Muso li Bulehetse Bohle

Liholo Tsa ’Muso li Bulehetse Bohle

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Liholo Tsa ’Muso li Bulehetse Bohle

HA A ne a koetlisetsa barutuoa ba hae tšebeletso ea phatlalatsa, Jesu Kreste o ile a ba khothalletsa hore ba ‘bolele ba le holim’a matlo.’ (Matheu 10:27) E, ba ne ba lokela ho etsa tšebeletso ea bona ea Bokreste phatlalatsa, pepeneneng. Ka ho sebelisa keletso ena, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o etsoa phatlalatsa ka ho tšoanang. Ho sebetsa phatlalatsa ka tsela ena ho nolofalelitse Lipaki ho hlōla khanyetso le ho etsa hore batho ba li ele hloko ka tsela e molemo.

Le hoja liboka tsa Lipaki Tsa Jehova li bulehetse bohle, leeme le etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba le leqe ho ea Holong ea ’Muso. Sena ke ’nete le Finland. Ba bang ba ikutloa ba le lesisitheho tabeng ea ho ea sebakeng se secha. Ha Holo ea ’Muso e ncha e hahuoa kapa e seng e ntse e le teng e nchafatsoa, ho lokisetsoa hore ho memeloe bohle khakolong ea eona. Ho ka ’na ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho memela baahisani ho chakela Holong ea ’Muso ’me ba tloaelane le mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova.

Sebakeng se seng, Lipaki li ile tsa lokisetsa phutuho ea limakasine letsatsing leo ka lona li neng li memetse bohle khakolong ea Holo ea tsona ea ’Muso e ncha. Lipaki tse peli li ile tsa kopana le monna-moholo ea ileng a re o thabetse ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Barab’abo rōna ba ile ba mo bolella hore bohle ba memetsoe khakolong eaba ba ithaopela ho mo isa Holong ea ’Muso. Monna eo o ile a re o tla thabela ho tsamaea le bona. Kaha o ne a ntse a mametse puisano eo, mosali oa hae o ile a tleroha, “Le se ke la ntšiea!”

Eitse ha a kena Holong ea ’Muso, monna eo o ile a qamaka ’me a re: “Ha e ntšo ho hang. Khele! e ntle ebile ea khanya. Ke ne ke boleletsoe hore Holo ea ’Muso e tla ba ntšo!” Bobeli ba bona ba ile ba lula sebakanyana ’me ba kōpa tse ling tsa lingoliloeng tse behiloeng moo bohle ba ka li bonang.

Phutheho e ’ngoe e ne e batla ho tsebisa koranteng ea sebakeng seo hore ho mengoa batho bohle hore ba be teng mohla ho neheloang Holo ea eona ea ’Muso. Ha a tsebisoa ka ketsahalo eo, mookameli oa bahlophisi ba koranta o ile a etsa tlhahiso ea hore ho ngoloe sehlooho se buang ka taba eo. Barab’abo rōna ba ile ba lumela ’me nako e khutšoanyane hamorao, sehlooho se buang hantle ka eona se boholo ba halofo ea leqephe se ile sa hlaha koranteng, se akaretsa ketsahalo eo le ho hlalosa mesebetsi e etsoang ke phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng seo.

Ka mor’a hore sehlooho seo se hatisoe, mosali-moholo e mong oa Paki o ile a kopana le moahelani ea ileng a re ho eena: “Ho na le sehlooho se monate se buang ka Lipaki Tsa Jehova koranteng ea kajeno!” Morali’abo rōna o ile a khona ho fana ka bopaki ’me hamorao a mo siela bukana ea Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo.

Ho ekelletsa ho hlakiseng likhopolo tse fosahetseng mabapi le Lipaki Tsa Jehova, litokisetso tse kang tsena tsa ho memela bohle khakolong le mananeong a ho neheloa ha Liholo Tsa ’Muso li tsositse bahoeletsi molota ka ho ba khothalletsa ho memela batho ba eketsehileng ho ba teng libokeng. E, linaheng tse ngata, ho kopanyelletsa le Finland, batho ba ithutile hore Liholo Tsa ’Muso Tsa Lipaki Tsa Jehova li bulehetse bohle.