Pheko ea Moshoelella

Pheko ea Moshoelella

Batho ba limilione ba sebelisitse likeletso tseo ba li fumaneng ka Bibeleng tse hlahang lihloohong tse fetileng ’me ba se ba sebelitse ka thata hore ba ntše khethollo ka lipelong tsa bona. Bonneteng, re hloka thuso e le hore re ntše khethollo ka metso lipelong tsa rona. Na ho ka etsahala hore khethollo e fele ka ho feletseng?

’Muso o tla Fana ka Tharollo

Mebuso ea batho e ’nile ea hloleha ho felisa khethollo. Empa na seo se bolela hore ha ho na ’muso o ka felisang khethollo?

’Muso o ka khonang ho felisa khethollo o lokela:

  1. 1. Ho susumetsa batho hore ba fetole tsela eo ba nkang ba bang ka eona le eo ba ikutloang ka eona ka batho ba bang.

  2. 2. Ho oka ba ntseng ba e-na le matetetso a khethollo e le hore ba se ke ba batla ho iphetetsa.

  3. 3. Ho ba le baeta-pele ba se nang khethollo.

  4. 4. Ho etsa hore batho bohle e be ngatana-’ngoe.

Bibele e re tiisetsa hore Molimo o se a hlomamisitse ’muso o joalo. ’Muso oo o bitsoa “ ’Muso oa Molimo.”​—Luka 4:43.

Nahana ka seo ’muso oo o tla se etsa:

1. O Tla Ruta Batho Hore ba Itšoare Hantle

“Baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.”​—ESAIA 26:9.

“Mosebetsi oa ho loka ha ’nete e tla ba khotso, ’me tšebeletso ea ho loka ha ’nete, e be khutso le tšireletseho ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—ESAIA 32:17.

See se bolela’ng? ’Muso oa Molimo o tla ruta batho hore na ho nepahetseng ke eng. Ha batho ba ithuta phapano pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, le phapano pakeng tsa toka le ho hloka toka, tsela eo ba tšoaranang ka eona e tla fetoha. Batho bohle ba tla hlokomela hore ba lokela ho rata batho ba mefuta eohle.

2. Pheko

Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”​—TŠENOLO 21:4.

See se bolelang? ’Muso oa Molimo o tla felisa bohloko bohle bo bakiloeng ke khethollo. Batho ba ileng ba khetholloa nakong e fetileng ba ke ke ba ba le lebaka la hore ba ikutloe ba hloname.

3. Boeta-pele bo Nepahetseng

“A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.”​—ESAIA 11:​3, 4.

Seo se bolela’ng? Jesu Kreste e leng Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla busa lefatše ka toka ’me a ke ke a khetha nku ka pere. Ha a nke sechaba se seng e le sa bohlokoa ho feta se seng, ’me o tla etsa bonnete ba hore batho kaofela ba ikobela melao ea hae.

4. Kutloano

’Muso oa Molimo o ruta batho hore ba be le ‘kelello e tšoanang ’me ba be le lerato le tšoanang, ba kopane hammoho moeeng, ba bolokile kelellong monahano o le mong.’​—BAFILIPI 2:2.

See se bolela’ng? Kutloano e tla ba teng har’a bafo ba ’Muso oa Molimo e tla be e le ea sebele. Ba tla be ba ‘momahane’ e le kannete kaha ba tla be ba ratana.