Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

Lintho Tseo U ka li Lebellang

Lintho Tseo U ka li Lebellang

Batho ba ithutileng haholo ka se etsahalang ha motho a siame ba re ho siama ho etsahala ka mekhahlelo. Leha ho le joalo, batho ba siama ka litsela tse sa tšoaneng. Na ho se tšoane hoo ho bolela hore batho ba bang ha baa utloa bohloko haholo ke ho hlokahalloa ke batho bao ba ba ratang kapa ba mpa ba “hateletse” maikutlo a bona feela? Ha ho joalo. Motho e mong le e mong o siama ka tsela ea hae. Batho ba bang ba ka ’na ba siama ho latela setso sa bona, semelo, lintho tse ba hlahetseng bophelong kapa tsela eo mong ka bona a hlokahetseng ka eona.

HO TLA MPEFALA HAKAE?

Ka mor’a lefu, batho ba hlokahaletsoeng ba ka ’na ba ipotsa hore na ba tla tsoela pele joang ka bophelo. Leha ho le joalo, ho ba le maikutlo a joalo ke ntho e tloaelehileng. A re ke hlahlobeng lintlha tse latelang:

Ho imeloa kelellong. Hangata ha motho a siame, maikutlo a hae a ka ’na a feto-fetoha ka lebaka la tlholohelo. Batho ba bang ba ka ’na ba siama ha ba hopola linako tse monate tseo ba bileng le tsona le mong ka bona ea hlokahetseng. Qalong, ha batho ba utloa pii, ba ka ’na ba tšoha haholo ba be ba utloe ba sa kholoe. ’Mè Tiina oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ha monna oa hae a hlokahala ka tšohanyetso. O re: “Qalong, ke ne ke ferekane haholo. Ke ne ke sa khone le ho lla. Ke ne ke sithabetse habohloko hoo ke neng ke thatafalloa ke ho hema. Ke ne ke sa kholoe ntho e etsahetseng.”

Ho ferekana, ho koata le ho ipeha molato. Ntate Ivan o re: “Ka mor’a hore mora oa rona Eric a hlokahale a le lilemo li 24 ’na le mohats’aka, Yolanda re ne re halefile haholo. Re ile ra makala ha re hlokomela hore re se re le bohale. Re ile ra ikutloa re le molato re bile re ipotsa hore na re entse sohle seo re ka se khonang ho thusa mora oa rona.” Ntate Alejandro le eena o ile a ikutloa a le molato ha mosali oa hae a hlokahala ka mor’a ho kula nako e telele. O re: “Qalong ke ne ke nahana hore haeba Molimo o lumeletse hore ke utloe bohloko bo joalo, e tlameha ebe ha a nthate. Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke le molato haholo hore ebe ke qositse Molimo ka bothata ba ka.” Ntate Kostas eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ka linako tse ling ke ne ke utloa ke koatetse Sophia hore na hobaneng a hlokahetse. Ka mor’a moo ke ile ka ipeha molato hore ebe ke ikutloa joalo hobane e ne e se molato oa Sophia hore ebe o hlokahetse.”

Ho lula u nahana ka lintho tse bohloko. Ka linako tse ling maikutlo a motho a ka farasa. Mohlala, ha motho a siame a ka ’na a nahana hore mong ka eena ea hlokahetseng oa utloa kapa oa bona. Motho ea siameng a ka sitoa ho tsepamisa kelello kapa ho hopola lintho tse ling. ’Mè Tiina o re: “Ka linako tse ling ha ke qoqa le batho, kelello ea ka ea lelera ebe ke nahana ka lefu la mohatsa’ka Timo. Ha ke sitoa ho tsepamisa kelello ea ka nthong eo ke e etsang, kea nyahama.

Ho batla ho itšehla thajana. Motho ea siameng a ka ’na a utloa ho le betere ha a itšehla thajana. Ntate Kostas o re: “Ha ke e-⁠na le batho ba nyalaneng leha ke e-⁠na le masoha hoa tšoana, ke utloa ke le motoai-toai.” ’Mè Yolanda eena o re: “Ho ne ho e-⁠ba boima ha ke utloa batho ba bua ka mathata a bona a fokolang ha a bapisoa le a rona. Ba bang bona ba ne ba re bolella kamoo bana ba bona ba ntseng ba tsoela pele hantle bophelong. Le hoja ke ne ke ba thabetse, ho ne ho e-⁠ba thata ho ba mamela. ’Na le mohats’aka re ne re tseba hore bophelo bo lokela ho tsoele pele empa ho ne ho le thata.”

Ho kula. Ha motho a siame a ka ’na a hloka takatso ea lijo, a hlobaela kapa a theoha ’meleng. Selemo ka mor’a hore ntate oa Aaron a hlokahale, Aaron o ile a re: “Ke ne ke sa robale hantle ’me ke phaphama bosiu bo bong le bo bong ka nako e tšoanang ebe ke nahana ka lefu la ntate oa ka.”

Ka li nako tse ling, Ntate Alejandro o ne a kula empa lingaka li sa fumane hore na o tšoeroe ke’ng. O re: “Hangata ha ke ile ngakeng, ho ne ho thoe ke ntse ke phetse hantle. Ke ile ka belaela hore ho siama ke hona ho mpakelang mafu a mangata.” Qetellong, o ile a ba betere. Empa ntate Alejandro o ne a entse hantle ka ho ea ngakeng. Ho siama ho ka thefula sesole sa ’mele, ha etsa hore motho a kule le ho feta kapa a tšoaroe ke mafu ao a neng a ntse a se na oona.

Ho thatafalloa ho etsa mesebetsi ea bohlokoa. Ntate Ivan o re: “Ka mor’a hore mora oa rona Eric a hlokahale, re ile ra tlameha ho tsebisa beng ka rona, metsoalle, mohiri oa hae le mong’a ntlo eo a neng a lula ho eona. Hape, ho ne ho e-⁠na le lifomo tsa molao tseo re lokelang ho li tlatsa kahoo re ne re lokela ho sheba litokomane tsa Eric. Lintho tsena kaofela li ne li hloka motho ea pholileng ka hloohong empa ka bomalimabe re ne re imetsoe kelellong le maikutlong ebile re khathetse.”

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho etsa lintho tse ling tse neng li etsoa ke mong ka bona ea hlokahetseng. Ke se ileng sa etsahalla ’mè Tiina. O re: “Mohats’aka Timo e ne e le eena ea ikarabellang litabeng tsa khoebo ea rona le tsa banka. Joale lintho tseo kaofela li se li etsoa ke ’na ’me li mpakela khatello ea maikutlo le ho feta. Ke ne ke ipotsa hore na ebe nke ke ka etsa liphoso.”

Mathata ana a boletsoeng ka holimo a bontša hore ho boima ho mamella ho siama. Ha e le hantle, bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang bo tebile haholo, empa ho tseba ’nete ena esale pele ho ka thusa batho ba oeleng ka phatla ho mamella. Empa re lokela ho hopola hore ha se motho e mong le e mong ea ka bang le mathata ao ha a siame. Ho feta moo, batho ba siameng ba ka tšelisoa ke ho tseba hore tsela eo ba ikutloang ka eona ha ba siame, ha e phoso.

NA KE TLA BOELA KE THABE?

Lintho tseo u ka li lebellang: Motho ha a lule a siame. Ha nako e ntse e ea, o ba betere empa ha se hore o lebala tu! ka mong ka eena ea hlokahetseng. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane bohloko boa kokobela. Ho na le linako tse ling tse ka etsang hore motho a boele a siame, tse kang ha a hopola linako tse monate tseo ba bileng le tsona le mong ka eena ea hlokahetseng. Hanyane ka hanyane motho ea siameng oa imoloha kelellong, e be o tsoela pele ka bophelo. Haeba ba lelapa le metsoalle ba mo tšehetsa, ho ba bonolo hore a mamelle.

Motho a ka siama nako e kae? Batho ba bang ba nka likhoeli tse seng kae feela ba siame. Leha ho le joalo, boholo ba batho ba nka selemo ho isa ho tse peli ba ntse ba siame. Ha ba bang bona ba hloka nako e telele ho feta moo. * Ntate Alejandro eena o re: “Ke qetile lilemo tse ka bang tharo ke siame.”

U se ke oa ikhahlapetsa. Nka nako ea hao ha u etsa lintho hape hopola hore u ke ke oa lula u siame. Na see se bolela hore ho na le lintho tseo u ka li etsang e le hore u se ke oa lula u siame?

Batho ba siameng ba ka tšelisoa ke ho tseba hore tsela eo ba ikutloang ka eona ha ba siame, ha e phoso

^ ser. 17 Ke batho ba seng ba kae feela ba siamang nako e telele haholo ha mong ka bona a hlokahetse. Motho eo a ka ’na a hloka thuso ea ngaka ea mafu a kelello.