TSOHA! No. 1 2026 | U ka Etsa’ng ha u Jeoa ke Bolutu?
Na u ee u jeoe ke bolutu? Palo ea batho ba jeoang ke bolutu e ntse e eketseha. Haeba le uena u ee u jeoe ke bolutu, u ka ’na oa nahana hore ha ho na ntho eo u ka e etsang ho hlola boikutlo bona. Empa u ka khothatsoa ke ho tseba hore batho ba bangata ba khonne ho sebetsana le boikutlo bona ka katleho. U ka etsa se tšoanang joang?
Magazine ena ea Tsoha! e tla u thusa ho utloisisa hore na bolutu bo bakoa ke eng le hore na u ka etsa’ng ho sebetsana le bona ka katleho.
Ho Jeoa ke Bolutu ho Bolela’ng?
Ho jeoa ke bolutu ke boikutlo bo bohloko bo etsang hore motho a utloe eka o mong kapa eka ha ho na motho eo a ka buang le eena. Bona hore na boikutlo bona bo ka u ama joang.
Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba Jeoa ke Bolutu?
Ithute hore na ke eng e etsang hore batho ba jeoe ke bolutu le hore ba ikutloe eka ba bang.
Thusa Batho ba Bang
Ho thusa le ho tšehetsa ba bang ho ka fokotsa boikutlo ba ho jeoa ke bolutu. Ithute hore na u ka etsa seo joang
Etsa Metsoalle ea Sebele
Metsoalle ea sebele e etsa hore u thabe le hore u se ke oa jeoa ke bolutu.
E-ba le Morero Bophelong
Bibele e ka u thusa hore u be le morero bophelong le hore u se ke oa jeoa ke bolutu.
U ka Etsa’ng ha u Jeoa ke Bolutu?
Bala lihlooho tse buang ka ho jeoa ke bolutu ’me u fumane litsela tsa ho sebetsana le bona le kamoo u ka bo hlolang.

