TSOHA! No. 1 2025 | U ka Etsa’ng ha Litheko li Ntse li Phahama?
Na u tšoenyehile ka litheko tsa lintho tse ntseng li phahama? Na u lokela ho sebetsa ka thata ebile e le ka lihora tse telele e le hore feela u phele? Na nako eo u e qetang le baratuoa ba hao e ntse e fokotseha? Haeba ho joalo, lihlooho tse hlahang makasineng ena li ka u thusa. Li fana ka litlhahiso tse ka u thusang e le hore u thabe haholoanyane le hore u fokotse ho tšoenyeha. Sehlooho sa ho qetela se tla fana ka tšepo ea sebele ka bokamoso ’me tšepo eo e ka u tšelisa le hona joale.
Amohela Boemo
Ho ba le pono e nepahetseng ka litheko tse ntseng li phahama ho ka u thusa hore u amohele boemo.
Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale
Fumana mekhoa e mehlano e tla u thusa hore u boloke chelete.
Khotsofalla Lintho Tseo u Nang le Tsona
Ithute ho khotsofalla lintho tse seng kae feela tseo u nang le tsona ’me u thabe.
E-ba Seatla se Bulehileng
Ho ba seatla se bulehileng ho ka u thusa joang hore u sebetsane le mathata a lichelete?
E-ba le Tšepo
Bibele e fana ka tšepo ea sebele ka bokamoso ’me ke tšepo e ka u khothatsang le hona joale.
Ithute ho Eketsehileng
Bibele e thusa batho ba bangata ho sebetsana le mathata a tlisoang ke ho phahama ha litheko tsa lintho. Le uena e ka u thusa.

