Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATŠE KA HO FELETSENG?

Meru

Meru

BO-RASAENSE ba bapisa meru le matšoafo. Lebaka ke hobane joaloka matšoafo, meru e hloekisa moea. E etsa joalo ka ho monya carbon dioxide e ka bang kotsi ho batho ebe e ntša oxygen, e leng karolo ea bohlokoa ea moea oo re o hemang. Hoo e ka bang liphesente tse 80 tsa liphoofolo le limela tse phelang lefatšeng li fumaneha merung. Haeba ho ne ho se na meru, re ne re ke ke ra khona ho phela.

Lintho Tse ka Behang Meru Kotsing

Selemo se seng le se seng, ho sakhoa lifate tse libilione e le hore ho hlekeloe sebaka sa ho lema. Hoo e ka bang halofo ea meru eohle e fumanehang libakeng tse chesang moo pula e nang haholo, e ile ea fela ho tloha lilemo tse 75 tse fetileng.

Ha moru o sakhoa, melemo eohle ea oona ea fela.

Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng

Hoa makatsa hore ebe meru e ileng ea sakhoa e khona ho hlaha hape ha nako e ntse e e-ea ebile e ka hlaha e le meholo le ho feta. Litsebi li makatsoa ke kamoo meru e sakhiloeng e khonang ho itlhahisa le ho atleha kapele kateng. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bafuputsi ba ile ba sheba hore na ho tla etsahala’ng ka sebaka seo ho ileng ha sakhoa moru ho sona e le hore ho hlekeloe ho lema. Ho ile ha hlahlojoa libaka tse 2 200 Amerika le Afrika e Bophirimela eaba ho fumanoa hore pele lilemo tse leshome li feta, moru o ka qala ho mela hape.

  • Ho latela liphuputso tse tlalehiloeng makasineng o bitsoang Science, ho hakanngoa hore lilemong tse ka bang lekholo, libakeng tse joalo ho ka mela lifate tse ngata tse sa tšoaneng le limela tse ling tse hlahang merung.

  • Bo-rasaense ba Brazil ba ile ba bapisa hore na meru e itlhahisa kapele hakae libakeng tse ileng tsa sakhoa eaba lia tloheloa le tseo batho ba ileng ba leka ho li tsosolosa.

  • Ha National Geographic e bua ka liphuputso tsa bo-rasaense e re: “Ba ile ba thaba ha ba fumana hore ba ne ba sa hloke ho lema lifate hape.” Ka mor’a lilemo tse hlano, ho ne ho se ho e-na le lifate tse ngata tse itlhahisitseng.

Ho Etsoa’ng ho Sireletsa Meru

Lefatšeng lohle, batho ba etsa lintho tse ngata ho leka ho sireletsa meru e setseng le e seng e sakhiloe boholo. Ka lebaka la sena, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ile oa re: Ka lilemo tse 25, “sekhahla sa meru e sakhoang se fokotsehile ka liphesente tse 50.”

Leha ho le joalo, boiteko bona ha boa lekana. Mokhatlo oa Global Forest Watch o re: “Le hoja ho etsoa boiteko, meru e libakeng tse chesang moo pula e nang haholo e ntse e senyeha ho ea pele.

Likhoebo tse sakhang lifate ntle ho tumello ebe li rekisa mapolanka li etsa chelete e ngata, kahoo li ba meharo ebe li senya meru e mengata.

Batho ba bang ba sireletsa meru ka hore ba se ke ba sakha lifate tse ngata haholo le ka hore ha ba qeta ho li sakha ba leme tse ling

Bibele e Fana ka Tšepo Efe?

“Jehova a Molimo a melisa lifate tsohle tse ntle le tseo litholoana tsa tsona li ka jeoang.”—Genese 2:9.

Jehova o entse hore le hoja batho ba ka senya meru, e khone ho itlhahisa hape. Kahoo, e lula e le teng ebile e tsoela batho molemo. O batla hore meru le lintho tse phelang ka har’a eona li lule li le teng.

Bibele e re Molimo a ke ke a lumella batho ba meharo ho senya lefatše le lintho tse phelang ho lona. Sheba sehlooho se reng: “Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng” leqepheng la 15.

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.