Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSOHA! No. 1 2022

Kaha maemo a lefatše a ntse a mpefala, boholo ba rona re utloa bohloko ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho le mathata a bakoang ke batho. Makasineng ena u tla ithuta hore na u ka etsa’ng e le hore u mamelle mathata ana le hore na u ka itšireletsa joang le baratuoa ba hao.

 

Ke’ng E Ka Re Thusang Ho Mamella Mathata?

Ha u hlaheloa ke mathata, etsa qeto hang-hang ’me u sireletse uena le ba lelapa la hao.

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

Ha u etsa hore u phele hantle, u tla khona ho mamella mathata.

2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona

Haeba u sebelisa chelete hantle, u tla khona ho mamella mathata.

3 | Boloka Likamano Tsa Hao li le Ntle le Batho Bao u ba Ratang

Ithute lintlha tsa bohlokoa tse ka u thusang hore u boloke likamano tsa hao li le ntle le batho bao u ba ratang.

4 | E-⁠ba le Tšepo ea Hore Lintho li Tla Loka

Bibele e ka u thusa hore u mamelle mathata ’me e boetse e fana ka tšepo ka bokamoso.

Lintlha tse makasineng ena

Bala lihlooho tse ka thusang uena le ba lelapa la hao hore le mamelle mathata a amang moloko oa batho.