Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA THUSOA KE’NG HA U E-NA LE STRESS?

Bophelo bo se Nang Stress

Bophelo bo se Nang Stress

Bohlale boo re bo fumanang ha re bala Bibele bo ka re thusa hore re qobe ho tšoaroa ke stress ho sa hlokahale. Re ke ke ra khona ho felisa lintho tsohle tse re tšoenyang, empa ’Mopi oa rona a ka khona. O khethile Jesu Kreste hore e be eena ea re thusang. Haufinyane o tla etsetsa batho bohle lintho tse tsotehang ho feta tseo a li entseng ha a ne a le lefatšeng. Mohlala:

JESU O TLA PHEKOLA BA KULANG.

“Ba mo tlisetsa bohle ba eang hampe, ba leng mahlomoleng ke mafu a sa tšoaneng . . . , ’me a ba phekola.” ​—MATHEU 4:24.

JESU O TLA ETSA HORE BATHO BOHLE BA BE LE MATLO LE LIJO.

“Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”​—ESAIA 65:​21, 22.

JESU O TLA ETSA HORE HO BE LE KHOTSO LE TŠIRELETSEHO LEFATŠENG LOHLE.

“Matsatsing a hae, ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. O tla ba le bafo ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha nokeng ho ea lipheletsong tsa lefatše. . . . Lira tsa hae li tla nyeka lerole.”​—PESALEME ea 72:​7-9.

JESU O TLA BUSA KA TOKA.

“O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, O tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” ​—PESALEME ea 72:​13, 14.

JESU O TLA FELISA LINTHO TSE BOHLOKO LE LEFU.

“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—TŠENOLO 21:4.