LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

Lokisa Pelo ea Hao

Lokisa Pelo ea Hao

Ha re ithuta Bibele, re batla hore menahano ea Jehova e ame lipelo tsa rona kapa motho eo re leng eena ka hare. Esdrase o re behetse mohlala o motle tabeng ena hobane o ne a “lokisitse pelo ea hae hore a bale Molao oa Jehova.” (Esdr. 7:10; nal.) U ka lokisa pelo ea hao joang?

Rapela. Kamehla pele u ithuta, qala ka ho rapela. Kopa Jehova hore a u thuse ho utloisisa le ho sebelisa lintho tseo u ithutang tsona.—Pes. 119:​18, 34.

Hlaolela boikokobetso. Molimo o patela batho bao ka boikhohomoso ba tšepang bohlale ba bona ’nete. (Luka 10:21) Qoba ho etsa lipatlisiso hobane feela u leka ho khahlisa batho ba bang. Ka boikokobetso fetola tsela eo u nahanang ka eona haeba e sa lumellane le ea Molimo.

Mamela pina ea ’Muso. ’Mino o na le matla a ho ama lipelo tsa rona le ho etsa hore re itokisetse ho ithuta ka Molimo. Ho mamela e ’ngoe ea lipina tsa ’Muso pele u ithuta Bibele ho ka u thusa hore u lokise pelo ea hao.