MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) November 2018

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka 31 December, 2018 ho ea ho 3 February, 2019.

“Reka ’Nete ’Me U se ke oa e Rekisa”

Ho reka nete ho bolelang? Re ka etsang hore re se ke ra e rekisa?

“Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”

Re ka etsang hore re baballe letlotlo lee le hore re lule re sebeletsa Molimo?

Tšepa Jehova U Tle U Phele

Boprofeta ba Habakuke boa re tiisetsa hore re ka lula re khobile matsoafo le ha re hlaheloa ke mathata.

U Nahana Joaloka Mang?

U ka etsa’ng hore u nahane joaloka Jehova eseng batho?

Na U Nahana Joaloka Jehova?

Ho bolela’ng ’ho fetola likelello tsa rona’, hona re ka li fetola joang?

Mosa O bontšoa ka liketso le lipolelo

Mosa ke e ngoe ea litholoana tsa moea o halalelang. Re ka etsang hore re be mosa?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bua ka bo-mang ha a ne a re Ba Tsoelang Molemo mantsiboeeng a pele a shoa, hona ke hobane’ng ha ba ne ba bitsoa joalo?

Re ka fa Jehova Eng?

‘Lintho tsa bohlokoa’ tse hlahang ho Liproverbia 3:9 ke life, hona re ka li fa Molimo joang?