Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatšeng Lohle Batho ba Angoa ke Lehloeo

Lefatšeng Lohle Batho ba Angoa ke Lehloeo

Lefatšeng lohle batho ba utloa bohloko ka lebaka la lehloeo.

Hangata litabeng le mecheng ea puisano ho na le batho ba buang lipuo tse bontšang lehloeo, ba bang ba romela melaetsa e hlohlelletsang lehloeo, ba bang bona ba hloile batho ba merabe e meng. Batho ba bangata baa khetholloa, baa sonngoa, baa rohakoa ’me ba bang lintho tsa bona lia senngoa. Lehloeo le hohle.

Makasine ena e ruta hore na re ka hlola lehloeo joang. Taba ena ha se toro feela. Lefatšeng mona ho se ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba hlotseng lehloeo.