Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA E ENTSOE?

Tsela eo ’Mele o Khonang ho Folisa Maqeba ka Eona

Tsela eo ’Mele o Khonang ho Folisa Maqeba ka Eona

NTHO e ’ngoe e etsang hore batho ba tsoele pele ba phela, ke tsela eo ’mele o khonang ho folisa maqeba ka eona. ’Mele o qala ho folisa leqeba hang ka mor’a hore motho a tsoe kotsi.

Nahana ka sena: Ho na le likarolo tse nyenyane ’meleng tse bitsoang lisele. Li sebetsa hammoho e le hore leqeba le fole:

  • Likarolo tse nyenyane tse bitsoang liplatelete li lula leqebeng ’me li etsa hore le ome.

  • Ho ruruha ho thusa hore motho a se ke a tšoaroa ke maloetse a itseng ’me ho tlosa litšila leqebeng.

  • Ka mor’a matsatsi a seng makae, ’mele o qala ho koala leqeba butle-butle le ho hlahisa letlalo le lecha moo motho a neng a tsoile kotsi.

  • Qetellong, leqeba leo lea fola.

Ka mor’a ho ithuta ka sena, bafuputsi ba leka ho etsa lipolasetiki tse khonang ho ikopanya hape ha li tabohile. Ha polasetiki e taboha, ho tsoa mefuta e ’meli ea lik’hemik’hale. Ka mor’a hore lik’hemik’hale tsena li kopane, lia tiea ebe li koala masoba polasetiking. Mofuputsi e mong o re ba ntse ba leka ho etsa lintho tsa polasetiki tse ka ikopanyang ka tsela e tšoanang le eo lintho tse phelang li folisang maqeba ka eona.

U nahana joang? Na tsela eo ’mele o khonang ho folisa maqeba ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?