Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bophelo bo Qalile Joang?

Bophelo bo Qalile Joang?

U ne u ka qetella polelo ee e latelang joang?

BOPHELO BO BILE TENG .

  1. KA HO IPHETOLA HA LINTHO

  2. KA HO BŌPTJOA

BATHO ba bang ba ka ’na ba nahana hore motho ea ratang saense o tla khetha “ka ho iphetola ha lintho” ’me ea ratang bolumeli o tla khetha “ka ho bōptjoa.”

Empa hase kamehla seo se ka etsahalang.

Nahana ka Gerard, e leng moprofesa oa thuto ea likokoanyana ea ileng a rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho k’holejeng. O re: “Ha ke ne ke ngola litlhahlobo, ke ne ke ngola likarabo tse batloang ke baprofesa ba ka—empa ke ne ke sa lumele seo ke se ngotseng.”

Ke hobane’ng ha esita le batho ba ratang saense ba na le bothata ba ho lumela hore bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho? E le hore u arabe potso eo, nahana ka lipotso tse peli tse qakang bafuputsi ba bangata: (1) Bophelo bo qalile joang? le (2) Lintho tse phelang li bile teng joang?