Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Asia Boroa-bochabela

Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha, le re pakeng tsa 1997 le 2011, ho ile ha fumanoa mefuta e mecha e mengata ea lintho tse phelang e le limela le liphoofolo, ho akarelletsa le marabe a mahlo a kang lirubi (Trimeresurus rubeus), lintho tsena li ile tsa fumanoa sebakeng se bitsoang Greater Mekong, e leng sebaka se akaretsang Cambodia, Laos, Myanmar, Thailand, Vietnam le profinse ea Yunnan e Chaena. Ho mefuta e ileng ea fumanoa ka 2011 feela, ho ne ho e-na le limela tse 82, lihahabi tse 21, litlhapi tse 13, liphoofolo tse khonang ho phela ka har’a metsi le ka ntle ho oona tse 5 le liphoofolo tse anyesang tse 5.

Europe

Koranta ea The Moscow Times e tlalehile hore “ho koetela batho e se e le kobo anela Linaheng Tsa Europe kaofela.” Batho ba rekisoa hore e il’o ba makhoba a thobalano, a mesebetsi e boima le hore “ho rekisoe litho tsa ’mele ea bona ka tsela e seng molaong.” Batho ba hoebang ka batho ba nka monyetla ka bofutsana, ho hlokahala ha mesebetsi le ho se leka-lekane ha banna le basali.

New Zealand

Bafuputsi ba ileng ba batlisisa ka bana le bacha ba shebellang thelevishene ba entse qeto ea hore ho shebella thelevishene nako e telele “ho amana le ho eketseha ha batho ba itšehlang thajana ha ba se ba le baholo.” Bafuputsi ba re seo ba se fumaneng se tšehetsa taba ea hore bana “ba se ke ba qeta lihora tse fetang tse peli ka letsatsi ba shebeletse mananeo a thelevishene.”

Alaska

Hoo e ka bang “metsana eohle ea Matsoalloa a Alaska,” e pel’a lebōpo kapa linōka ’me e etsang liphesente tse 86 e angoa ke likhohola le khoholeho ea mobu. Litlaleho li bontša hore ho phahama ha lithempereichara ho etsa hore metsi a liehe ho ba leqhoa, e leng se etsang hore batho ba be kotsing ea ho hlaseloa ke lifefo tsa lehoetla.

Lefatše

Ho sa tsotellehe boiteko bo boholo boo batho ba bo etsang ba ho sebelisa mekhoa ea theknoloji ea ho fehla motlakase ho sa silafatsoe tikoloho, e kang ea ho fehla motlakase ka moea le ka letsatsi, motsamaisi ea ka sehloohong oa mokhatlo oa International Energy Agency e leng Maria van der Hoeven o re, “ho bontšoa hore moea o litšila oa carbon dioxide o neng o tsoa lilemong tse 20 tse fetileng o ntse o batla o tšoana le o tsoang kajeno.”