Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

United States

Toropo ea Los Angeles, California, e setile liroboto tsohle tsa eona tse ka bang 4 500 hore li sebetse ka tsela e tšoanang e le hore likoloi li lule li tsamaea, ho qoba sephethephethe. Ho ea ka koranta ea The New York Times, Los Angeles ke “toropo e khōlō ea pele lefatšeng ea ho etsa joalo.”

Lefatše

Ha ho ne ho etsoa tlhahlobo lefatšeng lohle, ho fumanoe hore palo ea batho ba batenya haholo e nyolohile ka liphesente tse 82 pakeng tsa 1990 le 2010. Botenya bo bolaea batho ba bangata haholo ho feta ba bolaoang ke khaello ea phepo e nepahetseng—le hoja ho se fumane lijo tse lekaneng e ntse e le bothata linaheng tse ngata. Majid Ezzati, e leng e mong oa bafuputsi ba ka sehloohong o re: Ha e le hantle “lilemong tse 20 tse fetileng batho ba ne ba se na lijo tse lekaneng, empa hona joale ho na le lijo tse ngata tse se nang phepo e nepahetseng—esita le linaheng tse futsanehileng, ’me lijo tsena lia re kulisa.”

Sehlekehleke sa Midway

Nonyana e bitsoang Laysan albatross, e tsebahalang e le “nonyana e hlaha e phetseng nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng,” e boetse e qhotsitse tse ling tsa litsuonyana tsa eona tse ngata. E lilemo li kae? Ka 1956, ha bo-rasaense ba ne ba e tšoaea ka ho e kenya lebanta, e ne e ka ba lilemo li hlano, e leng se bolelang hore hona joale e na le lilemo tse fetang 60. Haesale e phela, nonyana ena e se e fofile boholo ba lik’hilomithara tse limilione tse pakeng tsa tse tharo le tse ’nè, e leng leeto le lekanang le la ho ea khoeling ka makhetlo a mane ho isa ho a tšeletseng.

Afrika Boroa

Phuputso e ’ngoe e bontša hore hoo e ka bang mosali a le mong ho ba bararo Afrika Boroa, o sebelisa sesepa le litlolo tse soeufatsang letlalo. Lintho tsena li kotsi ’me li thibetsoe linaheng tse ling. Har’a likotsi tseo li li bakang ke mefuta e fapaneng ea kankere, li senya liphio, li baka khatello ea maikutlo, ho khathatseha, makhopho le mabali.